Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -

Tshenolo 22 - Baasraak Sotho NT


Tshenolo 22

1 La mpontsha noka e hlwekileng ya metsi a bophelo, e benyang jwaloka lehakwe, e tswang teroneng ya Modimo le ya Konyana.

2 Mahareng a lepatlelo la wona, le mose o kwano ho noka, ho ne ho le sefate sa bophelo, se behang mefuta e leshome le metso e mmedi, se behang ditholwana tsa sona kgwedi le kgwedi; lichaba.

3 Ha ho sa tla hlola ho eba le thohako, empa terone ya Modimo le ya Konyana e tla ba ho wona; mme bahlanka ba hae ba tla mo sebeletsa;

4 Ba tla bona sefahleho sa hae; mme lebitso la hae le tla ba diphatleng tsa bona.

5 Mme ha ho sa tla hlola ho eba bosiu teng; mme ha ba hloke lebone, leha e le lesedi la letsatsi; hobane Morena Modimo o ba bonesetsa: mme ba tla busa kamehla le mehla.

6 Yaba o re ho nna: Ditaba tsena di a tshepeha, ke tsa nnete;

7 Bona, ke tla kapele: ho lehlohonolo ya bolokang dipolelo tsa boporofeta ba buka ena.

8 Nna Johanne ke bone taba tseo, ya di utlwang. Eitse hobane ke utlwe, ke bone, ka itihela fatshe ho kgumama pela maoto a lengeloi le mpontshang taba tseo.

9 Yaba o re ho nna: O se ke wa etsa jwalo, hobane ke mohlanka mmoho le wena, le wa banabeno ba baporofeta, le wa ba bolokang dipolelo tsa buka ena;

10 A re ho nna: O se ke wa kwahela dipolelo tsa boporofeta ba buka ena, hobane nako e se e le haufi.

11 Ya sa lokang a a nne a etse tse sa lokang, ya ditshila a nne a itshilafatse, ya lokileng a nne a etse ho loka, le ya halalelang a nne a halalele.

12 Mme bona, ke tla kapele; mme moputso wa ka o ho nna, ho putsa e mong le e mong kamoo mosebetsi wa hae o tla ba kateng.

13 Ke ’na Alfa le Omega, qalo le qetello, oa pele le oa morao.

14 Ho lehlohonolo ba etsang melao ya wona, hore ba tle ba be le tokelo ya ho ja sefate sa bophelo, le ho kena motseng ka dikgoro.

15 Ka ntle ho na le dintja, le baloi, le dihlola, le babolai, le ba rapelang medimo ya bohata, le mang kapa mang ya ratang leshano le a le etsang.

16 Nna, Jesu, ke romile lengeloi la ka ho le pakela taba tseo hara dikereke. Ke ’na motso le leloko la Davida, naleli e khanyang ea meso.

17 Mme Moya le monyaduwa ba re: Tlo! Mme ya utlwang a re: Tlo! Le ya nyorilweng a a tle. Mme ya ratang, a nke feela metsi a bophelo.

18 Hobane ke pakela e mong le e mong ya utlwang dipolelo tsa boporofeta ba buka ena, ke re: Ekare ha motho a ka di ekeletsa, Modimo o tla mo ekeletsa ka dikotsi tse ngodilweng bukeng ena.

19 Mme ekare ha motho a ka tlosa mantswe a buka ya boporofeta boo, Modimo o tla tlosa kabelo ya hae bukeng ya bophelo, le motseng o halalelang, le ho tse ngodilweng bukeng ena.

20 Ya pakang taba tseo o re: Ruri, ke tla kapele. Amen. Leha ho le jwalo, tloo, Morena Jesu.

21 Mohau wa Morena wa rona Jesu Kreste o be le lona bohle. Amen.

Copyright of City Bible Foundation in cooperation with Baasraak Bible Translation from Baasraak Media © 2023.

City Bible Foundation
Lean sinn:



Sanasan