Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -

Tshenolo 13 - Baasraak Sotho NT


Tshenolo 13

1 Yaba ke ema hodima lehlabathe la lewatle, ka bona sebata se nyolohang lewatleng, se nang le dihlooho tse supileng le dinaka tse leshome, mme dinakang tsa sona ho le meqhaka e leshome, mme dihloohong tsa sona ho le mabitso a nyefolo.

2 Sebata seo ke se boneng se ne se le jwaloka lengau, le maoto a sona eka maoto a bere, le molomo wa sona o le molomo wa tau;

3 Ka bona e nngwe ya dihlooho tsa sona e ka e hlabilwe ho isa lefung; mme leqeba la sona le bolayang la fola: mme lefatshe lohle la hlollwa ke sebata.

4 Ba kgumamela drakone, kahobane e neile sebata matla, mme ba kgumamela sebata, ba re: Ke mang ya tshwanang le sebata? ke mang ya ka tsebang ho mo lwantsha?

5 Ya fuwa molomo o buang ditaba tse kgolo, le dinyefolo; mme sa newa matla a ho etsa jwalo ka dikgwedi tse mashome a mane a metso e mmedi.

6 Sa ahlamisa molomo wa sona ho nyefola Modimo, le ho nyefola lebitso la wona, le tabernakele ya wona, le ba ahileng mahodimong.

7 Sa newa ho lwantsha bahalaledi, le ho ba hlola, mme sa newa matla hodima mefuta yohle, le ba dipuo tsohle, le ba ditjhaba tsohle.

8 Mme bohle ba ahileng lefatsheng ba tla se kgumamela, bao mabitso a bona a sa kang a ngolwa bukeng ya bophelo ya Konyana e hlabilweng ho tloha ho theweng ha lefatshe.

9 Ekare ha e mong a e-na le tsebe, a utlwe.

10 Ya isang kgolehong o tla ya kgolehong; ya bolayang ka lerumo o tla bolawa ka sabole. Ke moo ho nang le mamello le tumelo ya bahalaledi.

11 Ka bona sebata se seng se nyolohang lefatsheng; mme se ne se na le dinaka tse pedi tse tshwanang le tsa konyana, mme se bua jwaloka drakone.

12 Se sebelisa matla ’ohle a sebata sa pele ka pel’a sona, ’me sa etsa hore lefatše le ba ahileng ho lona ba rapele sebata sa pele, seo leqeba la sona le bolaeang le ileng la fola.

13 Sa etsa meeka e meholo, sa etsa hore mollo o theohe lehodimong, o tle lefatsheng, pontsheng ya batho.

14 Se kgelosa ba ahileng lefatsheng ka mehlolo eo se filweng matla a ho e etsa pontsheng ya sebata; sa bolella ba ahileng lefatsheng, hore ba etsetse sebata setshwantsho, se nang le leqeba la sabole, mme sa phela.

15 Sa fuwa matla a ho etsa hore setshwantsho sa sebata se be le moya, hore setshwantsho sa sebata se bue, se etse hore bohle ba hanang ho kgumamela setshwantsho sa sebata ba bolawe.

16 Mme sa etsa hore bohle, ba banyenyane le ba baholo, ba ruileng le ba futsanehileng, ba lokolohileng le ba makgoba, ba be le letshwao letsohong le letona la bona, kapa diphatleng tsa bona.

17 le hore ho se be motho ya ka rekang, leha e le ho rekisa, haese ya nang le letshwao, kapa lebitso la sebata, kapa palo ya lebitso la sona.

18 Mona ke bohlale. Ya nang le kutlwisiso a bale palo ya sebata: hobane ke palo ya motho; palo ya hae ke makgolo a tsheletseng a mashome a tsheletseng a metso e tsheletseng.

Copyright of City Bible Foundation in cooperation with Baasraak Bible Translation from Baasraak Media © 2023.

City Bible Foundation
Lean sinn:



Sanasan