Mattheu 28 - Baasraak Sotho NTMattheu 28 1 Eitse ha Sabatha e fela, ha bo esa, ka letsatsi le qalang veke, Maria Magdalena le Maria e mong ba tla ho bona lebitla. 2 Mme bonang, ha eba le tshisinyeho e kgolo ya lefatshe, hobane lengeloi la Jehova le theohile lehodimong, la tla, la phikolosa lejwe la monyako, la dula hodima lona. 3 Sefahleho sa hae se ne se le jwaloka lehadima, le diaparo tsa hae di le tshweu jwaloka lehlwa. 4 Ka baka la ho o tshaba, balebedi ba thothomela, ba eba jwaloka bafu. 5 Lengeloi la araba, la re ho basadi bao: Le se ke la tshaba, hobane ke a tseba hore le batla Jesu ya neng a thakgisitswe. 6 Ha a yo mona, hobane o tsohile, jwalokaha a ne a boletse. Tloong, le bone nqalo eo Jehova a neng a robetse ho yona. 7 Eyang kapele, le bolelle barutuwa ba hae hore o tsohile bafung; mme bonang, o le etella pele ho ya Galelea; le tla mmona teng: bonang, ke le boleletse. 8 Ba tloha kapele lebitleng ka tshabo le ka thabo e kgolo; mme a matha ho ya bolella barutuwa ba hae. 9 Yare ba sa ya bolella barutuwa ba hae, bonang, Jesu a ba kgahlanyetsa, a re: Dumelang! Ba tla, ba mo tshwara ka maoto, ba mo kgumamela. 10 Jesu a re ho bona: Se tshoheng; eyang le bolelle banabeso hore ba ye Galelea, mme ba tla mpona teng. 11 Yare ba sa tsamaya, bonang, ba bang ba balebedi ba tla motseng, ba tsebisa baprista ba baholo tsohle tse etsahetseng. 12 Eitse hobane ba phuthehe le baholo, ba rerisane, ba nea bahlabani tjhelete tse ngata. 13 ba re: Le re: Barutuwa ba hae ba tlile bosiu, ba mo utswa re sa robetse. 14 Mme haeba hoo ho ka utlwahala ho mmusisi, rona re tla mo qekisa, mme re le sireletse. 15 Yaba ba nka ditjhelete, ba etsa kamoo ba rutilweng kateng, mme polelo eo ya bolelwa hara Bajuda, ho fihlela kajeno. 16 Jwale barutuwa ba leshome le motso o mong ba ya Galilea, thabeng eo Jesu a ba laetseng yona. 17 Yare ha ba mmona, ba mo kgumamela; empa ba bang ba belaela. 18 Jesu a atamela, a bua le bona, a re: Ke neilwe matla wohle lehodimong le lefatsheng. 19 Eyang ke hona, le rute ditjhaba tsohle, le ba kolobetse ka lebitso la Ntate, le la Mora, le la Moya o Halalelang; 20 le ba rute ho boloka tsohle tseo ke le laetseng tsona; mme bonang, ke na le lona kamehla yohle, ho isa bofelong ba lefatshe. Amen. |
Copyright of City Bible Foundation in cooperation with Baasraak Bible Translation from Baasraak Media © 2023.
City Bible Foundation