Mattheu 24 - Baasraak Sotho NTMattheu 24 1 Yaba Jesu o a tswa, a tloha tempeleng, mme barutuwa ba hae ba tla ho yena ho mmontsha mehaho ya tempele. 2 Jesu a re ho bona: Na ha le bone tseo tsohle? Kannete ke re ho lona: Ha ho ka ke ha leswa lejwe hodima lejwe le leng, le ke keng la heletswa. 3 Eitse ha a dutse thabeng ya Mehlwaare, barutuwa ba hae ba tla ho yena boinotshing, ba re: Re bolelle, tseo di tla etsahala neng? mme pontsho e tla ba efe ya ho tla ha hao, le ya ho fela ha lefatshe? 4 Jesu a araba, a re ho bona: Iponeleng, le se ke la thetswa ke motho. 5 Hobane ba bangata ba tla tla ka lebitso la ka, ba re: Ke nna Kreste; mme ba tla kgelosa ba bangata. 6 Le tla utlwa dintwa le menyenyetsi ya dintwa, le hlokomele hore le se tshohe; 7 Hobane setjhaba se tla tsohela setjhaba matla, mmuso o tsohele mmuso matla, mme ho tla ba le ditlala, le mafu a sewa, le ditshisinyeho tsa lefatshe nqalong tse ngata. 8 Tsena tsohle ke qalo ya bohloko. 9 Mohlang oo ba tla nehelana ka lona mahlomoleng, ba le bolaye, mme le tla hlouwa ke ditjhaba tsohle ka baka la lebitso la ka. 10 Ke moo ba bangata ba tla kgoptjwa, mme ba tla ekana, ba hloyana. 11 Ho tla hlaha baporofeta ba bohata ba bangata, mme ba tla kgelosa ba bangata. 12 Mme ka baka la ho ata ha bokgopo, lerato la ba bangata le tla tapa. 13 Empa ya tiisetsang ho isa bofelong, ke yena ya tla bolokeha. 14 Mme Evangeli ena ya mmuso e tla bolelwa lefatsheng lohle, e be bopaki ho ditjhaba tsohle; mme e tla ba hona bofelo bo hlahang. 15 Etlare ha le bona manyala a bofediso, a boletsweng ke moporofeta Daniele, a eme nqalong e halalelang, ya balang a ke a utlwisise. 16 Mohlang oo, ba leng Judea ba balehele dithabeng. 17 Ea leng holim’a ntlo a se ke a theoha ho ntša letho ka tlung ea hae. 18 Le ea tšimong a se ke a khutla ho ea nka liaparo tsa hae. 19 Ho madimabe baimana le ba anyesang mehleng eo! 20 Empa le rapele hore paleho ya lona e se ke ya eba mariha, leha e le ka letsatsi la Sabatha. 21 Hobane mohlang oo, ho tla ba le matshwenyeho a maholo, a esong ho be teng ho tloha tshimolohong ya lefatshe ho fihlela jwale, tjhe, mme ha a sa tla hlola a eba teng hape. 22 Hoja matsatsi ao a se ke a kgutsufatswa, ho ka be ho se motho ya tla pholoha, empa ka baka la bakgethwa matsatsi ao a tla kgutsufatswa. 23 Mohlang oo, ha motho a ka re ho lona: Bonang, Kreste o mona, kapa Kreste o mane; se lumeleng. 24 Hobane ho tla hlaha bo-Kreste ba bohata, le baporofeta ba bohata, mme ba tla etsa mehlolo e meholo le meeka; hoo, hola ke ntho e ka etswang, ba ka thetsang le bona bakgethwa. 25 Bonang, ke le boleletse pele. 26 Ka baka leo, ha ba ka re ho lona: Bonang, o nahathothe; le se ke la tloha: bonang, o phaposing e patilweng; se lumeleng. 27 Hobane jwaloka lehadima le tswang botjhabela, mme le benyetsa bophirimela; ho tla ha Mora motho ho tla ba jwalo. 28 Hohle moo setopo se leng teng, ke moo manong a tla bokana teng. 29 Hanghang kamora matshwenyeho a matsatsi ao letsatsi le tla fifala, mme kgwedi e ke ke ya fana ka lesedi la yona, dinaledi di tla wa lehodimong, le matla a mahodimo a tla sisinyeha. 30 Ke moo pontsho ya Mora motho e tla hlaha lehodimong, mme meloko yohle ya lefatshe e tla lla, mme e tla bona Mora motho a etla ka maru a lehodimo ka matla le kganya e kgolo. 31 O tla roma mangeloi a hae ka modumo o moholo wa terompeta, mme a tla bokella bakgethwa ba hae meyeng e mene, ho tloha pheletsong e nngwe ya lehodimo ho isa pheletsong e nngwe. 32 Jwale ithuteng setshwantsho ka sefate sa feiye; Ha lekala la wona le se le le lenana, mme le hlahisa mahlaku, le a tseba hore lehlabula le haufi. 33 Ka mokgwa o jwalo, etlare ha le bona ntho tseo tsohle, le tsebe hore o haufi, o monyako. 34 Kannete ke re ho lona: Moloko ona o ke ke wa feta, tseo tsohle di eso ho etsahale. 35 Lehodimo le lefatshe di tla feta, empa mantswe a ka a ke ke a feta. 36 Empa malebana le letsatsi leo le hora eo ha ho ya tsebang, leha e le mangeloi a lehodimong, haese Ntate feela. 37 Empa jwalokaha ho bile mehleng ya Noe, ho tleng ha Mora motho ho tla ba jwalo. 38 Hobane jwaloka mehleng ya pele ho morwallo, ba ne ba eja, ba enwa, ba nyala, ba nyadisa, ho fihlela tsatsi leo Nowe a keneng arekeng ka lona, 39 mme ba se ke ba tseba ho fihlela moroallo o tla, o ba hohola bohle; ho tla ha Mora motho ho tla ba jwalo. 40 Jwale ba babedi ba tla be ba le tshimong; e mong o tla nkwa, e mong a tlohelwe. 41 Basadi ba babedi ba tla be ba sila lelwaleng; e mong o tla nkwa, e mong a tlohelwe. 42 Fadimehang ke hona, hobane ha le tsebe nako eo Morena wa lona a tla tla ka yona. 43 Empa le tsebe sena, hore hoja monga ntlo a ne a tsebile nako eo leshodu le tla tla ka yona, a ka be a lebetse, mme a ka be a sa ka a dumela hore ntlo ya hae e phunngwe. 44 Ka baka leo, le lona le itokise, hobane Mora motho o tla tla ka nako eo le sa e nahaneng. 45 Ha ho le jwalo, ke ofe mohlanka ya tshepahalang, ya bohlale, eo monga hae a mmeileng moalosi wa ba ntlo ya hae, ho ba nea dijo ka nako e loketseng? 46 Ho lehlohonolo mohlanka eo, ha morena wa hae a fihla, a tla mo fumana a etsa jwalo. 47 Kannete ke re ho lona: O tla mmea hore a okamele tsohle tsa hae. 48 Empa ha mohlanka eo e mobe a ka re pelong ya hae: Monga ka o diehile ho tla; 49 Mme o tla qala ho otla bahlanka ka yena, le ho ja, le ho nwa le matahwa; 50 Morena wa mohlanka eo o tla tla ka tsatsi leo a sa mo lebellang, le ka hora eo a sa e tsebeng. 51 O tla mo kgaola dikoto, a mo bee kabelo ya hae le baikaketsi; teng ho tla ba le dillo le ditsikitlano tsa meno. |
Copyright of City Bible Foundation in cooperation with Baasraak Bible Translation from Baasraak Media © 2023.
City Bible Foundation