Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -

Mattheu 14 - Baasraak Sotho NT


Mattheu 14

1 Mehleng eo, morena Heroda a utlwa botumo ba Jesu,

2 A re ho bahlanka ba hae: Enwa ke Johanne Mokolobetsi; o tsohile bafung; mme ke ka baka leo mesebetsi e matla e iponahatsang ho yena.

3 Hobane Heroda o ne a ile a tshwara Johanne, a mo tlama, a mo kenya teronkong, ka baka la Herodiase, mosadi wa Filipi, ngwanabo.

4 Johanne o ne a re ho yena: Ha o a dumellwa hore o be le yena.

5 Eitse ha a rata ho mmolaya, a tshaba letshwele, kahobane le ne le mo nka e le moporofeta.

6 Empa ha ho ketekwa letsatsi la tswalo ya Heroda, moradi wa Herodiase a tjeka pela bona, a kgahlisa Heroda.

7 Yaba o tshepisa ka kano hore o tla mo nea eng kapa eng eo a tla e kopa.

8 Mme yena, a laetswe ke mmae, a re: Mphe mona ka mokeke hlooho ya Johanne Mokolobetsi.

9 Kgosi ya swaba, empa ka baka la kano, le ka baka la ba dutseng dijong le yona, ya laela hore a e newe.

10 Yaba o romela ho kgaola Johanne hlooho teronkong.

11 Hlooho ya hae ya tlisoa ka mokeke, ya newa morwetsana, mme a e isa ho mmae.

12 Barutuwa ba hae ba tla, ba nka setopo, ba se epela, mme ba ya bolella Jesu.

13 Jesu ha a utlwa hoo, a tloha teng ka sekepe, a ya sebakeng se le seng a le mong;

14 Yare ha Jesu a etswa, a bona letshwelehadi, a le utlwela bohloko, mme a fodisa ba kulang ba lona.

15 Eitse ha e se e le mantsiboya, barutuwa ba hae ba tla ho yena, ba re: Mona ke nahathothe, mme nako e se e ile; lesa bongata bo tsamaye, ba ye metsaneng, ba ithekele dijo.

16 Empa Jesu a re ho bona: Ha ho hlokahale hore ba tsamaye; le ba fe dijo.

17 Ba re ho yena: Ha re na mona, haese mahobe a mahlano feela le dihlapi tse pedi.

18 A re: Di tliseng kwano ho nna.

19 Yaba o laela bongata hore bo dule hodima jwang, a nka mahobe a mahlano le dihlapi tse pedi, a lelala lehodimong, a boka, a ngwatha, a nea barutuwa ba hae mahobe, mme barutuwa ba abela matshwele.

20 Ba eja bohle, ba kgora, mme ba nka dingwathwana tse setseng, tsa tlala diroto tse leshome le metso e mmedi.

21 Ba jeleng e ne e ka ba banna ba dikete tse hlano, ho sa balwe basadi le bana.

22 Jesu a phakisa a laela barutuwa ba hae hore ba kene sekepaneng, ba mo etelle pele ho ya mose wane, ha yena a ntse a phatlalatsa matshwele.

23 Eitse hobane a phatlalatse matshwele, a nyolohela thabeng a le mong ho ya rapela;

24 Empa sekepe se ne se se se le hara lewatle, se ntse se tsokotswa ke maqhubu, hobane moya o ne o le qholotsa.

25 Eitse ka tebelo ya bone ya bosiu Jesu a ya ho bona, a tsamaya hodima lewatle.

26 Yare ha barutuwa ba mmona a tsamaya hodima lewatle, ba tshoha, ba re: Ke seriti; mme ba howa ke tshabo.

27 Jesu a phakisa a bua le bona, a re: Betang dipelo; ke nna; se tshoheng.

28 Petrose a mo araba, a re: “Morena, haeba ke wena, ntaele hore ke tle ho wena hodima metsi.

29 A re: Tloo. Yare ha Petrose a theoha sekepeng, a tsamaya hodima metsi, ho ya ho Jesu.

30 Empa ha a bona moya o fokang, a tshoha; mme a qala ho teba, a howa, a re: Morena, mpholose!

31 Jesu a phakisa a otlolla letsoho la hae, a mo tshwara, a re ho yena: “Wena ya tumelo e nyenyane, o belaeletse’ng?

32 Eitse ha ba kena sekepeng, moya wa kokobela.

33 Yaba ba ka sekepeng ba tla, ba mo kgumamela, ba re: Kannete o Mora wa Modimo.

34 Eitse hobane ba tshelele mose wane, ba fihla naheng ya Genesareta.

35 Yare ha banna ba sebaka seo ba mo tseba, ba romela mathoko le naha eo yohle, mme ba tlisa ho yena bohle ba kulang;

36 Ba mo rapela hore ba mpe ba ame qola ya seaparo sa hae feela;

Copyright of City Bible Foundation in cooperation with Baasraak Bible Translation from Baasraak Media © 2023.

City Bible Foundation
Lean sinn:



Sanasan