Mareka 3 - Baasraak Sotho NTMareka 3 1 A boela a kena sinagogeng; mme ho ne ho le teng monna ya letsoho le omeletseng. 2 Ba mo disa ho bona hore na o tla mo fodisa ka tsatsi la Sabatha; ba tle ba mo qose. 3 A re ho monna ya letsoho le omeletseng: Ema o eme. 4 A re ho bona: Hleka ho dumeletswe ho etsa botle ka Sabatha, kapa ho etsa bobe na? Ho pholosa bophelo, kapa ho bolaya? Empa ba kgutsa. 5 Yare ha a ba tadima ka nqa tsohle ka kgalefo, a swabiswa ke bothata ba dipelo tsa bona, a re ho monna eo: Otlolla letsoho la hao. A le otlolla, mme letsoho la hae la fola, la ba jwaloka le leng. 6 Bafarisi ba tswa, mme hanghang ba rera le balatedi ba Heroda ka yena, hore ba tle ba mmolaye. 7 Empa Jesu a tloha le barutuwa ba hae, ba ya lewatleng, mme bongata bo boholo ba batho ba tswang Galelea le Judea ba mo latela. 8 le Jerusalema, le Idumea, le mose wane wa Jordane; le mathoko a Tire le Sidone, ha le utlwa tse kgolo tseo a di etsang, la tla ho yena. 9 A bolella barutuwa ba hae hore sekepana se mo emele ka baka la bongata, esere ba mo petetsa. 10 Hobane o ne a fodisitse ba bangata; hoo bohle ba neng ba na le dikotsi ba neng ba mo petetsa hore ba mo ame. 11 Le meya e ditshila, ha e mmona, e ne e itihela fatshe pela hae, e howe, e re: O Mora wa Modimo. 12 A ba laya haholo hore ba se ke ba mo tsebahatsa. 13 Yaba o nyolohela thabeng, a bitsa bao a ba ratileng, mme ba tla ho yena. 14 A bea ba leshome le metso e mmedi, hore ba be le yena, le hore a tle a ba roma ho bolela. 15 le ho ba le matla a ho fodisa malwetse, le ho leleka batemona; 16 Simone a mo reha lebitso la Petrose; 17 le Jakobo, mora Sebedea, le Johanne, ngwanabo Jakobo; mme a ba rea mabitso a Boanergese, ke ho re, Bara ba seaduma. 18 le Andrease, le Filipi, le Bartholome, le Mattheu, le Thomase, le Jakobo, mora Alfea, le Thaddea, le Simone wa Mokanana, 19 le Judase Iskariota, e leng yena ya mo ekang, mme ba kena tlung. 20 Letshwele la boela la bokana, hoo ba neng ba sitwa le ho ja bohobe. 21 Yare ha metswalle ya hae e utlwa, ya tswa ho ya mo tshwara; hobane ba ne ba re: O a hlanya. 22 Bangodi ba theohileng Jerusalema ba re: O na le Beelsebule, mme o leleka batemona ka morena wa batemona. 23 A ba biletsa ho yena, a re ho bona ka ditshwantsho: Satane a ka leleka Satane jwang? 24 Mmuso ha o ikarola ho itwantsha, mmuso oo o ke ke wa tiya. 25 Leha ntlo e ikarola ho itwantsha, ntlo eo e ke ke ya tiya. 26 Le Satane ha a itsohela matla, mme a ikarola, a ke ke a ema, empa o tla fela. 27 Ha ho motho ya ka kenang tlung ya senatla, mme a hapa thepa ya sona, ha a sa ka a tlama monna eo ya matla pele; joale o tla tlatlapa ntlo ea hae. 28 Kannete ke re ho lona: Bana ba batho ba tla tshwarelwa dibe tsohle, le dinyefolo tsohle tseo ba nyefolang ka tsona. 29 Empa ya nyefotseng Moya o Halalelang, a ke ke a tshwarelwa le ka mohla o le mong, empa o molato wa kahlolo e sa feleng. 30 Hobane ba itse: O na le moya o ditshila. 31 Yaba banababo le mmae ba tla, ba ema kantle, ba romela ho yena ho mmitsa. 32 Mme bongata bo ne bo dutse bo mo teetse hare, mme ba re ho yena: Mmao le banabeno ba kantle, ba a o batla. 33 A ba araba, a re: Mme ke bomang, le banabeso ke bomang? 34 Yaba o qamaka ba dutseng ba mo teetse hare, a re: “Mme le banabeso ke bana! 35 Hobane e mong le e mong ya etsang thato ya Modimo, ke yena ngwaneso, le kgaitsedi ya ka, le mme. |
Copyright of City Bible Foundation in cooperation with Baasraak Bible Translation from Baasraak Media © 2023.
City Bible Foundation