Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -

Luka 13 - Baasraak Sotho NT


Luka 13

1 Ka yona nako eo, ho ne ho le teng ba bang ba mmolellang tsa Bagalelea, bao Pilato a neng a tswakile madi a bona le mahlabelo a bona.

2 Jesu a araba, a re ho bona: “Na le lekanya hore Bagalelea bao e ne e le baetsadibe ho feta Bagalelea bohle, kahobane ba ne ba hlokofaditswe ka mokgwa o jwalo na?

3 Ke a le bolella, Tjhe, empa, ha le sa bake, le lona bohle le tla timela jwalo.

4 Le ba leshome le metso e robileng meno e le mmedi, bao tora ya Siloame e ileng ya ba wela, ya ba bolaya, le lekanya hoba e ne e le baetsadibe ho fetisa batho bohle ba ahileng Jerusalema na?

5 Ke a le bolella, Tjhe, empa, ha le sa bake, le lona bohle le tla timela jwalo.

6 Le yena a bolela setshwantsho seo; Monna e mong o ne a na le sefate sa feiye se hlomilweng tshimong ya hae ya merara; a tla, a batla ditholwana ho wona, mme a se ke a di fumana.

7 Yaba o re ho molemi wa tshimo ya hae: Bona, ke dilemo tse tharo ke ntse ke tla ho batla ditholwana sefateng sena sa feiye, mme ha ke di fumane; ke hobane’ng ha u senyetsa fatše?

8 Yena a araba, a re ho yena: Morena, se tlohele le ka selemo sena, ke tle ke se tjheke, ke se tshele moitedi.

9 Ekare ha o ka beha, ho lokile; mme ha ho se jwalo, o tla o rema.

10 Mme o ne a ruta ho e nngwe ya disynagoge ka Sabatha.

11 Jwale, bonang, ho ne ho ena le mosadi ya neng a ena le moya wa bofokodi ka dilemo tse leshome le metso e robedi;

12 Jesu ha a mmona, a mmitsa, a re ho yena: Mosadi, o lokolotswe bofokoding ba hao.

13 A mmea matsoho; mme a phakisa a otloloha, a tlotlisa Modimo.

14 Yaba mmusi wa sinagoge a halefa, kahobane Jesu a fodisitse ka tsatsi la Sabatha, a re ho batho: Ho na le matsatsi a tsheletseng ao ho ka sebetswang ka wona; letsatsi.

15 Morena a mo araba, a re: “Moikaketsi ke wena!

16 A mosadi enwa, e leng moradi wa Abrahama, eo Satane a mo tlamileng ka dilemo tse leshome le metso e robileng meno e le mmedi, na o ne a sa tshwanela ho lokollwa ditlamong tseo ka tsatsi la Sabatha na?

17 Eitse hobane a bolele taba tseo, bahanyetsi ba hae bohle ba hlajwa ke dihlong;

18 A re: Mmuso wa Modimo o tshwana le eng? mme ke tla e tshwantsha ka eng?

19 O jwaloka hlaku ya mosetareta, eo motho a e nkileng, a e lahlela tshimong ya hae; ya hola, ya ba sefate se seholo; mme dinonyana tsa lehodimo tsa aha makaleng a sona.

20 A boela a re: Mmuso wa Modimo ke tla o tshwantsha le eng?

21 O tshwana le tomoso, eo mosadi a e nkileng, a e pata ka tekanyong tse tharo tsa phofo, ya ba ya bela kaofela.

22 Mme a tsamaya le metse le metsana, a ntse a ruta, a lebile Jerusalema.

23 E mong a re ho yena: Morena, na ba tla bolokeha ha ba bakae na? A re ho bona.

24 Ikitlaetseng ho kena ka monyako o patisaneng; hobane ke a le bolella, ba bangata ba tla batla ho kena, empa ba tla sitwa.

25 Etlare ha monga ntlo a se a tsohile, a kwala monyako, mme le qala ho ema kantle, le ho kokota monyako, le re: Morena, Morena, re bulele; mme o tla araba, a re ho lona: Ha ke le tsebe moo le tswang teng;

26 Jwale le tla qala ho re: ’Re ile ra ja, ra nwa pela hao, mme o rutile diterateng tsa rona.

27 Empa o tla re: Ke a le bolella, ha ke le tsebe moo le tswang teng; ntloheleng, lona bohle ba sebetsang bokgopo!

28 Ke moo dillo di tla ba teng, le ditsikitlano tsa meno, mohla le bonang Abrahama, le Isaaka, le Jakobo, le baporofeta bohle, mmusong wa Modimo, empa lona le leleketswe kantle.

29 Ba tla tswa botjhabela, le bophirimela, le leboya, le borwa, mme ba tla dula dijong mmusong wa Modimo.

30 Mme bonang, ho na le ba morao bao e tla ba ba pele, mme ho na le ba pele ba tla ba ba morao.

31 Ka lona letsatsi leo, ha tla bafarisi ba bang, ba re ho yena: Tloha, o tlohe mona, hobane Heroda o batla ho o bolaya.

32 A re ho bona: Eyang, le bolelle phokojwe eo, le re: Bona, ke leleka batemona, ke etsa diphodiso kajeno le hosasane, mme ka tsatsi la boraro ke tla be ke phethehile.

33 Leha ho le jwalo, eka kgona ke tsamaye kajeno, hosasane, le hosasane, hobane ha ho ka ke ha eba moporofeta a timela kantle ho Jerusalema.

34 Jerusalema, Jerusalema, ya bolayang baporofeta, ya tlepetsang ka majwe ba rongwang ho wena! Ke ratile hangata hakakang ho bokella bana ba hao, joalo ka koko ha e bokella malinyane a eona tlas’a mapheo a eona, empa le hanne!

35 Bonang, ntlo ya lona e tla sala e le lesupi;

Copyright of City Bible Foundation in cooperation with Baasraak Bible Translation from Baasraak Media © 2023.

City Bible Foundation
Lean sinn:



Sanasan