Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -

Johanne 2 - Baasraak Sotho NT


Johanne 2

1 Ka tsatsi la boraro, ha eba le lenyalo Kana wa Galelea; mme mma Jesu o ne a le teng.

2 Jesu le barutuwa ba hae ba memilwe moketeng oo.

3 Ha veine e fela, mma Jesu a re ho yena: Ha ba na veine.

4 Jesu a re ho yena: “Mosadi, taba ya ka le wena ke efe? nako ya ka ha e eso fihle.

5 Mmae a re ho bahlanka: Le etse eng kapa eng eo a le bolellang yona.

6 Ho ne ho beilwe teng dinkgo tsa majwe tse tsheletseng, ka mokgwa wa Bajuda ba itlhatswang, e le nngwe e ka nka boima ba dikilo tse leshome le metso e mmedi kapa tse tharo.

7 Jesu a re ho bona: Tlatsang dinkgo tsa metsi. ’Me ba li tlatsa ho fihlela molomong.

8 A re ho bona: Jwale, kgang, le ise ho molaodi wa mokete. Mme ba e jara.

9 Yare ha molaodi wa mokete a latswitse metsi a entsweng veine, mme a sa tsebe moo e tswang teng, (empa bahlanka ba kga metsi ba ne ba tseba), molaodi wa mokete a bitsa monyadi.

10 Mme a re ho yena: Motho e mong le e mong o bea veine e monate qalong; mme etlere ha batho ba se ba nwele haholo, o ntoo tlisa e seng ntle; empa wena o bolokile veine e monate ho fihlela jwale.

11 Tšimoloho ena ya mehlolo Jesu o e entse Kana wa Galelea, mme a bonahatsa kganya ya hae; mme barutuwa ba hae ba dumela ho yena.

12 Kamora tseo, a theohela Kapernauma, yena le mmae, le banababo, le barutuwa ba hae;

13 Paseka ya Bajuda e ne e le haufi, mme Jesu a nyolohela Jerusalema.

14 A fumana ka Tempeleng ba rekisang dikgomo le dinku le maeba, le ba ananyang ditjhelete ba dutse.

15 Eitse hobane a etse seti sa marapo, a ba leleka bohle tempeleng, le dinku le dikgomo; a tsholola madi a baananyi, a menola ditafole;

16 A re ho ba rekisang maeba: Tlosang ntho tsena mona; le se ke la etsa ntlo ya Ntate ntlo ya thekiso.

17 Barutuwa ba hae ba elellwa hobane ho ngodilwe, ho thwe: Tjheseho ya ntlo ya hao e ntjele.

18 Yaba Bajuda ba araba, ba re ho yena: O re bontsha mohlolo ofe, haele moo o etsa ntho tsee?

19 Jesu a araba, a re ho bona: Qhaqhang tempele ena, mme ke tla e tsosa ka matsatsi a mararo.

20 Bajuda ba re: Tempele ena e ile ya hahuwa ka dilemo tse mashome a mane a metso e tsheletseng, mme wena o tla e tsosa ka matsatsi a mararo na?

21 Empa o ne a bua ka tempele ya mmele wa hae.

22 Eitse hobane a tsohe bafung, barutuwa ba hae ba elellwa hobane o ne a boletse jwalo ho bona; mme ba dumela Lengolo le lentswe leo Jesu a le buileng.

23 Eitse ha a le Jerusalema moketeng wa Paseka, ba bangata ba dumela lebitsong la hae, ha ba bona mehlolo eo a e etsang.

24 Empa Jesu o ne a sa ba tshepe, kahobane a ne a tseba batho bohle.

25 Ho ne ho sa hloke hore motho a pake ka motho, hobane o ne a tseba se ka ho motho.

Copyright of City Bible Foundation in cooperation with Baasraak Bible Translation from Baasraak Media © 2023.

City Bible Foundation
Lean sinn:



Sanasan