Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -

Johanne 16 - Baasraak Sotho NT


Johanne 16

1 Ke le boleletse taba tseo, hore le se ke la kgoptjwa.

2 Ba tla le leleka disynagogeng;

3 Tsena ba tla le etsa tsona, kahobane ha ba a ka ba tseba Ntate, leha e le nna.

4 Empa ke le boleletse taba tseo, hore mohla nako e fihlang, le hopole hobane ke le boleletse tsona. Mme taba tseo ha ke a ka ka le bolella tsona ho tloha qalong, kahobane ke ne ke ena le lona.

5 Empa jwale ke ya ho ya nthomileng; mme ha ho e mong wa lona ya mpotsang, a re: O ya kae?

6 Empa kahobane ke le boleletse taba tseo, dipelo tsa lona di tletse maswabi.

7 Leha ho le jwalo ke le bolella nnete; Ho ka ba molemo ho lona ha ke ikela; empa ha ke tloha, ke tla mo romela ho lona.

8 Etlare hobane a fihle, o tla kgalemela lefatshe ka tsa sebe, le tsa ho loka, le tsa kahlolo;

9 Ka baka la sebe, kahobane ha ba dumele ho nna;

10 Ka baka la ho loka, kahobane ke ya ho Ntate, mme ha le sa tla mpona;

11 ka kahlolo, hobane morena wa lefatshe lena o se a ahlotswe.

12 Ke sa na le ditaba tse ngata tseo nka le bolellang tsona, empa le sitwa ho di jara jwale.

13 Empa etlare hobane Moya wa nnete o fihle, o tla le tataisetsa nneteng yohle; empa tsohle tseo a di utlwang, o tla di bua, mme o tla le tsebisa tse tlang ho tla.

14 O tla ntlotlisa, hobane o tla nka ho tsa ka, mme o tla le tsebisa tsona.

15 Tsohle tseo Ntate a nang le tsona ke tsa ka;

16 Ho se ho se hokae, mme ha le ka ke la mpona; hape, ho se ho se hokae, mme le tla boela le mpone, hobane ke ya ho Ntate.

17 Yaba ba bang ba barutuwa ba hae ba bolellana, ba re: Taba eo a re bolellang yona ke efe, ha a re: Ho se ho se hokae, mme ha le ka ke la mpona; hape, ho se ho se hokae, mme le tla boela le mpone?

18 Ba re: Ke eng seo a se buang, ha a re: Ho se ho se hokae? re ke ke ra tseba seo a se buang.

19 Jesu a tseba hobane ba ne ba rata ho mmotsa, a re ho bona: Hleka le a botsana hore ke itse: Ho se ho se hokae, mme ha le ka ke la mpona;

20 Kannetenete ke re ho lona: Le tla lla, le be le lle, empa lefatshe le tla thaba;

21 Mosadi ha a beleha o utlwa bohloko, hobane nako ya hae e fihlile;

22 Le lona jwale le saretswe, empa ke tla boela ke le bona, mme dipelo tsa lona di tla thaba, mme ha ho motho ya le amohang thabo ya lona.

23 Mme ka letsatsi leo ha le ka ke la mpotsa letho. Kannetenete ke re ho lona: Tsohle tseo le tla di kopa ho Ntate ka lebitso la ka, o tla le nea tsona.

24 Ho fihlela jwale ha le eso ka le kopa letho ka lebitso la ka;

25 Ke le boleletse taba tseo ka dipapiso, empa nako e a tla, eo ke seng ke sa tla hlola ke bua le lona ka dipapiso, empa ke tla le tsebisa tsa Ntate pepeneneng.

26 Ka letsatsi leo le tla kopa ka lebitso la ka, mme ha ke re ho lona: Ke tla le rapella ho Ntate.

27 Hobane Ntate ka sebele o a le rata, kahobane le nthatile, mme le dumetse hoba ke tswa ho Modimo.

28 Ke tswile ho Ntate, mme ke tlile lefatsheng;

29 Barutuwa ba hae ba re ho yena: Bona, jwale o bua pepenene, mme ha o sa bolela maele.

30 Jwale re a tseba hore o tseba dintho tsohle, mme ha o hloke hore motho a o botse;

31 Jesu a ba araba, a re: “Na le a dumela jwale?

32 Bonang, nako e a tla, e, e se e fihlile, eo le tla qhalana ka yona, e mong le e mong a ye ha habo, mme le ntlohele ke le mong;

33 Ke le boleletse taba tseo, hore le be le kgotso ho nna. Mo lefatsheng le tla ba le matshwenyeho: empa betang pelo; Ke hlotse lefatshe.

Copyright of City Bible Foundation in cooperation with Baasraak Bible Translation from Baasraak Media © 2023.

City Bible Foundation
Lean sinn:



Sanasan