Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -

Johanne 15 - Baasraak Sotho NT


Johanne 15

1 Ke nna sefate sa morara sa nnete, mme Ntate ke molemi.

2 Lekala le leng le le leng le ho nna le sa beheng, o a le tlosa, mme lekala le leng le le leng le behang o a le hloekisa, hore le tle le behe haholo.

3 Jwale lona le hlwekile ka lentswe leo ke le boleletseng lona.

4 Dulang ho nna, le nna ho lona. Joalo ka ha lekala le ke ke la beha litholoana ka bolona, ha le sa lule sefateng sa morara; ha le ka ke la hlola le kgona, ha le sa dule ho nna.

5 Ke nna sefate sa morara, lona le makala; ya dutseng ho nna, le nna ho yena, ke yena ya behang ditholwana tse ngata, hobane kantle ho nna le ke ke la etsa letho.

6 Ekare ha motho a sa dule ho nna, o lahlelwa ntle jwaloka lekala, mme o a omella; mme batho ba a bokella, ba a lahlela mollong, mme a tjhe.

7 Haeba le dula ho nna, mme dipolelo tsa ka di dula ho lona, le tla kopa seo le se batlang, mme le tla se etsetswa.

8 Ntate o tlotliswa ka hona, ke ha le beha ditholwana tse ngata; kahoo le tla ba barutuoa ba ka.

9 Jwalokaha Ntate a nthatile, le nna ke le ratile jwalo: dulang leratong la ka.

10 Ekare ha le boloka melao ya ka, le tla dula leratong la ka; jwalokaha le nna ke bolokile ditaelo tsa Ntate, mme ke dutse leratong la hae.

11 Ke le boleletse taba tseo, hore thabo ya ka e dule ho lona, mme thabo ya lona e tle e be e tletseng.

12 Ena ke taelo ya ka, hore le ratane, jwalokaha ke le ratile.

13 Ha ho ya nang le lerato le fetang lena, hore motho a tele bophelo ba hae bakeng sa metswalle ya hae.

14 Le metswalle ya ka, ha le etsa tsohle tseo ke le laelang tsona.

15 Ho tloha jwale ha ke le bitse bahlanka; hobane mohlanka ha a tsebe seo monga hae a se etsang; hobane tsohle tseo ke di utlwileng ho Ntate, ke le tsebisitse tsona.

16 Hase lona le nkgethileng, empa ke nna ke le kgethileng, mme ke le behile hore le tsamaye, mme le behe ditholwana, mme ditholwana tsa lona di nne di dule, hore eng kapa eng eo le e kopang ho Ntate ka lebitso la ka, a le nee yona.

17 Ke le laela taba tseo, hore le ratane.

18 Haeba lefatshe le le hloya, le a tseba hore le ntlhoile pele le le hloya.

19 Hoja le ne le le ba lefatshe, lefatshe le ka be le rata sa lona; empa kahobane le se ba lefatshe, ke mpa ke le kgethile lefatsheng, ke ka baka leo lefatshe le le hloileng.

20 Hopolang lentswe leo ke le boleletseng lona, ka re: Mohlanka ha a moholo ho morena wa hae. Haeba ba ntlhorisitse, le lona ba tla le hlorisa; ha ba bolokile lentswe la ka, ba tla boloka le la lona.

21 Empa ntho tseo tsohle ba tla le etsa tsona ka baka la lebitso la ka, kahobane ha ba tsebe ya nthomileng.

22 Hojane ke se ke ka tla ho bua le bona, ba ka be ba se na sebe;

23 Ya ntlhoileng o hloile le Ntate.

24 Hojane ke se ke ka etsa mesebetsi hara bona, eo ho seng motho ya e entseng, ba ka be ba se na sebe;

25 Empa hoo ho etsahale hore ho tle ho etsahale lentswe le ngodilweng molaong wa bona, le reng: Ba ntlhoile feela.

26 Etlare ha Moemedi a fihla, eo ke tla mo romela ho lona a etswa ho Ntate, e leng Moya wa nnete, o tswang ho Ntate, ke yena ya tla paka tsa ka.

27 Le lona le tla paka, hobane le bile le nna ho tloha tshimolohong.

Copyright of City Bible Foundation in cooperation with Baasraak Bible Translation from Baasraak Media © 2023.

City Bible Foundation
Lean sinn:



Sanasan