Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -

Johanne 1 - Baasraak Sotho NT


Johanne 1

1 Lentswe le ne le le tshimolohong, mme Lentswe le ne le le ho Modimo, mme Lentswe e ne e le Modimo.

2 Yena eo o ne a le ho Modimo tshimolohong.

3 Tsohle di entswe ke yena; mme ha ho letho le entsweng kantle ho yena.

4 Bophelo bo ne bo le ka ho yena; mme bophelo e ne e le lesedi la batho.

5 Lesedi le kganya lefifing; mme lefifi ha le a ka la le amohela.

6 Ho ne ho ena le monna ya romilweng ke Modimo, lebitso la hae e le Johanne.

7 Yena o ne a tletse ho paka, ho paka tsa lesedi, hore bohle ba tle ba dumele ka yena.

8 E ne e se lesedi leo, empa o ne a rometswe ho paka tsa lesedi leo.

9 Lesedi la nnete e ne e le lona, le bonesetsang motho e mong le e mong ya tlang lefatsheng.

10 O ne a le lefatsheng, mme lefatshe le bile teng ka yena, mme lefatshe ha le a ka la mo tseba.

11 O tlile ha habo, mme ba habo ha ba a ka ba mo amohela.

12 Empa bohle ba mo amohetseng, a ba nea matla a ho ba bana ba Modimo, e leng ba dumelang lebitsong la hae;

13 Ba tswetsweng, e seng ka madi, leha e le ka thato ya nama, leha e le ka thato ya monna, empa e le ka Modimo.

14 Lentswe le ne le etswe nama, la aha hara rona, mme ra bona kganya ya lona, kganya e kang ya Mora a nnotshi ya tswang ho Ntate, a tletse mohau le nnete.

15 Johanne o mo pakile, a howa, a re: Enwa ke yena ke neng ke mmolela, ha ke re: Ya tlang kamorao ho nna, o bile teng pele ho nna;

16 Mme ho botlalo ba hae re amohetse mohau hodima mohau.

17 Hobane molao o neilwe ka Moshe, empa mohau le nnete di bile teng ka Jesu Kreste.

18 Ha ho motho ya kileng a bona Modimo; Mora ea tsoetsoeng a ’notši, ea sefubeng sa Ntate, ke eena ea re senoletseng.

19 Bona ke bopaki ba Johanne, mohla Bajuda ba romileng baprista le Balevi ba tswang Jerusalema ho mmotsa, ba re: O mang?

20 A ipolela, a se ke a latola; empa a ipolela, a re: Ha ke Kreste.

21 Ba mmotsa, ba re: Jwale, o reng? A ke wena Elia? Yena a re: Ha ke yena. A ke wena moporofeta eo? A araba, a re: Che.

22 Ba re ho yena: O mang? re tle re tsebe ho araba ba re romileng. O reng ka wena?

23 A re: Ke lentswe la ya howang feelleng, le re: Lokisang mmila wa Morena, jwalokaha moporofeta Esaia a boletse.

24 Bao ba romilweng e ne e le ba Bafarisi.

25 Ba mmotsa, ba re ho yena: Jwale, o kolobeletsang, ha o se Kreste, leha e le Elia, leha e le moporofeta eo?

26 Johanne a ba araba, a re: “Nna ke kolobetsa ka metsi;

27 Ke yena ya tlang kamorao ho nna, ya bileng teng pele ho nna, eo leqhwele la seeta sa hae ke sa lokelang ho lokolla leqhwele la seeta sa hae.

28 Tsena di etsahetse Bethabara, mose wane wa Jordane, moo Johanne a neng a kolobetsa teng.

29 Ka la hosasane a bona Jesu a etla ho yena, a re: Bonang, Konyana ya Modimo e tlosang sebe sa lefatshe!

30 Ke yena eo ke buileng ka yena, ka re: Kamorao ho nna ho tla monna ya bileng teng pele ho nna;

31 Le nna ke ne ke sa mo tsebe, empa ke tlile ke kolobetsa ka metsi hore a bonahatswe ho Iseraele.

32 Johanne a paka, a re: Ke bone Moya o theoha lehodimong jwaloka leeba, mme wa dula hodima hae.

33 Le nna ke ne ke sa mo tsebe, empa ya nthomileng ho kolobetsa ka metsi, ke yena ya itseng ho nna: Eo o tla bona Moya o theohela hodima hae, o dula hodima hae, ke yena ya kolobetsang ka Moya o Halalelang.

34 Mme ka bona, mme ka paka hore enwa ke Mora wa Modimo.

35 Ka la hosasane hape Johanne a ema le barutuwa ba hae ba babedi;

36 Yare ha a tadima Jesu a tsamaya, a re: Bonang, Konyana ya Modimo!

37 Barutuwa ba babedi ba mo utlwa a bua, mme ba latela Jesu.

38 Jesu a reteleha, a ba bona ba mo latela, a re ho bona: Le batla’ng? Ba re ho yena: Rabbi, (ke ho re, ha ho fetolwa, Moruti), o dula kae?

39 A re ho bona: Tloong, le bone. Ba tla, ba bona moo a dulang teng, mme ba hlola le yena tsatsi leo, hobane e ne e ka ba hora ya leshome.

40 E mong wa ba babedi ba utlwileng Johanne a bua, mme ba mo latela, e ne e le Andrease, ngwanabo Simone Petrose.

41 Yena a qala ka ho fumana Simone, ngwanabo, mme a re ho yena: Re fumane Mesia, ke ho re, Kreste, ha ho fetolwa.

42 A mo tlisa ho Jesu. Jesu ha a mmona, a re: O Simone, mora Jona;

43 Ka hosasane, Jesu a rata ho tswela Galilea, mme a fumana Filipi, mme a re ho yena: Ntatele.

44 Filipi e ne e le wa Bethsaida, motse wa habo Andrease le Petrose.

45 Filipi a fumana Nathanaele, a re ho yena: Re fumane eo Moshe a ngodileng ka yena molaong, le baporofeta, e leng Jesu, mora Josefa, wa Nasaretha.

46 Nathanaele a re ho yena: Na ntho e molemo e ka tswa Nasaretha na? Filipi a re ho yena: Tloo, o bone.

47 Jesu a bona Nathanaele a etla ho yena, mme a bua ka yena, a re: “Bonang Moiseraele wa sebele, eo ho seng mano ho yena!

48 Nathanaele a re ho yena: O ntsebela kae? Jesu a araba, a re ho yena: Ke o bone pele Filipi a o bitsa, o le tlasa sefate sa feiye.

49 Nathanaele a araba, a re ho yena: Rabbi, o Mora wa Modimo; o Kgosi ya Iseraele.

50 Jesu a araba, a re ho yena: O dumela kahobane ke o boleletse, ka re: Ke o bone tlasa sefate sa feiye? o tla bona tse kgolo ho tsena.

51 A re ho yena: “Kannetenete ke re ho lona: Ho tloha jwale le tla bona lehodimo le phetlehile, le mangeloi a Modimo a nyoloha a bile a theohela hodima Mora motho.

Copyright of City Bible Foundation in cooperation with Baasraak Bible Translation from Baasraak Media © 2023.

City Bible Foundation
Lean sinn:



Sanasan