Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -

Baroma 12 - Baasraak Sotho NT


Baroma 12

1 Ka baka leo, banabeso, ke a le rapela ka mehauhelo ya Modimo, hore le hlahise mebele ya lona e le sehlabelo se phelang, se halalelang, se amohelehang ho Modimo, e leng tshebeletso ya lona ya kelello.

2 Le se ke la ipapisa le lefatshe lena, le mpe le fetohe ka ntjhafatso ya dikelello tsa lona, le tle le lemohe seo e leng thato ya Modimo e molemo, e kgahlisang, e phethehileng.

3 Hobane ka mohau oo ke o neilweng, ke bolella e mong le e mong ya leng hara lona hore a se ke a ikgopola ho fetisa kamoo a tshwanetseng ho ikgopola kateng; empa a nahane ka kelello, kamoo Modimo a abetseng e mong le e mong tekanyo ya tumelo kateng.

4 Hobane jwalokaha re na le ditho tse ngata mmeleng o le mong, mme ditho tsohle ha di etse mosebetsi o le mong.

5 Jwale rona, leha re le bangata, re mmele o le mong ho Kreste, mme e mong le e mong ke ditho tsa e mong.

6 Erekaha re ena le dineo tse fapaneng, ho ya ka mohau oo re o neilweng, leha e le boporofeta, a re porofeteng ka tekanyo ya tumelo;

7 Leha e le tshebeletso, a re sebeletseng tshebeletso ya rona;

8 kapa ya kgothatsang, a be a kgothatse; ya fanang a etse ka bonolo; ya busang, a a buse ka tjantjello; ya etsang mohau, a etse ka thabo.

9 Lerato e be le se nang boikaketsi. Ilang se se bosula; khomarelang se molemo.

10 le ratane ka lerato la boena; le etelle e mong pele ka tlhompho;

11 Le se ke la ba botsoa mosebetsing; ba chesehang moeeng; ho sebeletsa Morena;

12 Thabang tšepong; mamello matshwenyehong; le phehelle thapelong;

13 Abelang bahalaledi ka seo ba se hlokang; ho amohela baeti.

14 Hlohonolofatsang ba le hlorisang; hlohonolofatsang, le se ke la rohaka.

15 Thabang le ba thabileng, le lle le ba llang.

16 Ebang le kelello e le ’ngoe e mong ho e mong. Le se ke la hlokomela tse phahameng, le mpe le ipee boemong ba batho ba tlaase. Le se ke la ipona bohlale.

17 Le se ke la busetsa bobe ka bobe ho motho. Etsang lintho tse tšepahalang mahlong a batho bohle.

18 Ha ho ka etswa ka ho lona, le phele ka kgotso le batho bohle.

19 Baratuoa, le se ke la iphetetsa e le lōna, le mpe le fe khalefo sebaka; ke tla buseletsa, ho bolela Jehova.

20 Ka baka leo, ekare ha sera sa hao se lapile, se fepe; ha se nyorilwe, o se nose: hobane ka ho etsa jwalo o tla bokela mashala a mollo hloohong ya sona.

21 U se ke ua hlōloa ke bobe, empa u hlole bobe ka botle.

Copyright of City Bible Foundation in cooperation with Baasraak Bible Translation from Baasraak Media © 2023.

City Bible Foundation
Lean sinn:



Sanasan