Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -

BaHebheru 8 - Baasraak Sotho NT


BaHeberu 8

1 Jwale, moelelo wa ditaba tseo re di boletseng, ke hore: Re na le moprista e moholo ya dutseng ka letsohong le letona la terone ya E moholo mahodimong;

2 Ke mosebeletsi wa Sehalalelo, le wa tabernakele ya nnete e hlomilweng ke Jehova, e seng motho.

3 Hobane moprista e moholo e mong le e mong o beelwa ho nyehela dinyehelo le mahlabelo;

4 Hobane hoja a ne a le lefatsheng, e ne e sa tl’o ba moprista, kahobane ho na le baprista ba hlahisang dinyehelo ka molao;

5 Ba sebeletsang mohlala le moriti wa dintho tsa lehodimo, jwalokaha Moshe a laetswe ke Modimo, ha a le haufi le ho etsa tabernakele;

6 Empa jwale o fumane tshebeletso e fetisang ka boholo, kamoo e bileng mmoelanyi wa selekane se fetisang kateng, se theilweng hodima dipallo tse fetisang ka molemo.

7 Etsoe hoja selekane sa pele se ne se se na sekoli, ho ka be ho sa ka ha batloa sebaka sa sa bobeli.

8 Hobane o a ba nyatsa, o re: Bonang, ho tla matsatsi ao ke tla etsa selekane se setjha le ntlo ya Iseraele le ntlo ya Juda, ho bolela Jehova.

9 E seng ka selekane seo ke neng ke se hlabile le bontata bona, mohla ke neng ke ba tshwara ka letsoho ho ba ntsha naheng ya Egepeta; hobane ha ba ka ba tiisetsa selekaneng sa ka, mme ha ke a ka ka ba ela hloko, ho bolela Jehova.

10 Hobane sena ke selekane seo ke tla se etsa le ntlo ya Iseraele kamora ditshiu tseo, ho bolela Jehova; Ke tla kenya melao ea ka likelellong tsa bona, ke e ngole lipelong tsa bona, ’me ke tla ba Molimo oa bona, ’me e tla ba sechaba sa ka.

11 Ba ke ke ba ruta e mong le e mong wa habo, e mong le e mong ngwanabo, a re: Tseba Jehova, hobane bohle ba tla ntseba, ho qala ka e monyenyane ho isa ho e moholo.

12 Hobane ke tla ba hauhela bokgopo ba bona, mme ha ke sa tla hlola ke hopola dibe tsa bona le makgopo a bona.

13 Ka ho re: Selekane se setjha, o sentse sa pele. Jwale se bolang, se tsofalang, se se se tla fela.

Copyright of City Bible Foundation in cooperation with Baasraak Bible Translation from Baasraak Media © 2023.

City Bible Foundation
Lean sinn:



Sanasan