2 Bakorinthe 13 - Baasraak Sotho NT2 Bakorinthe 13 1 Lena ke lekhetlo la boraro ke tla ho lona. Ka melomo ya dipaki tse pedi kapa tse tharo taba tsohle di tla tiiswa. 2 Ke le boleletse pele, mme ke le boleletse pele, jwaloka hoja ke le teng la bobedi; mme haele jwale, ke le sieo, ke ngolla ba kileng ba etsa sebe pele, le ba bang kaofela, hore, leha ke ka kgutla, nke ke ka ba qenehela. 3 Erekaha le batla bopaki ba hore Kreste ya buang ka nna, ha a fokole ho lona, empa a le matla ka ho lona. 4 Hobane le hoja a ile a thakgiswa sefapanong ka bofokodi, empa o phela ka matla a Modimo. Hobane le rona re fokola ho yena, empa re tla phela le yena ka matla a Modimo bakeng sa lona. 5 Itebeleng hore na le tumelong; iponahatseng. Na ha le tsebe hore Jesu Kreste o ka ho lona, haese ha le le ba nyatsehang? 6 Empa ke tshepile hore le tla tseba hore rona ha re ba hlolehang. 7 Jwale ke rapela Modimo hore le se ke la etsa bobe; e seng hore re bonahale re amohetswe, empa e le hore lona le etse ho lokileng, leha rona re le jwaloka ba nyatsehang. 8 Hobane re ke ke ra etsa letho le hananang le nnete, haese nnete. 9 Hobane re a thaba, ha rona re fokola, mme lona le le matla; 10 Ke ka baka leo ke ngolang taba tseo, ke le sieo, hore ha ke le teng, ke se ke ka etsa ka bohale, ka matla ao Morena a mphileng wona, e leng ho haha, e seng ho timetsa. 11 Qetellong, barab’eso, salang hantle. Le phethehe, le tshedisehe, le be le kgopolo e le nngwe, le phele ka kgotso; mme Modimo wa lerato le kgotso o tla ba le lona. 12 Dumedisanang ka kako e halalelang. 13 Bahalaleli bohle ba a le dumedisa. 14 Mohau wa Morena Jesu Kreste, le lerato la Modimo, le kopano ya Moya o Halalelang di be le lona bohle. Amen. (Lengolo la bobeli le eang ho Bakorinthe le ngotsoe ke Tite le Lucas ho tsoa Filipi, e leng motse oa Macedonia.) |
Copyright of City Bible Foundation in cooperation with Baasraak Bible Translation from Baasraak Media © 2023.
City Bible Foundation