Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -

Tshenolo 6 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024


Tshenolo 6

1 Ka bona ha Konyana e manolla e nngwe ya ditiiso, mme ka utlwa se seng sa dibupuwa tse phelang tse nne se re: “Tloo o bone!”

2 Ka tadima, ka bona pere e tshweu, mme ya e kaletseng a tshwere seqha; mme a newa moqhaka: mme a tloha e le ya hlolang, le ho hapa.

3 Eitse hobane e manolle tiiso ya bobedi, ka utlwa sebopuwa se phelang sa bobedi se re: Tloo.

4 Mme ha tswa pere e nngwe e kgubedu, mme ya e kaletseng a newa matla a ho tlosa kgotso lefatsheng, le hore batho ba bolayane, mme a newa sabole e kgolo.

5 Eitse hobane e manolle tiiso ya boraro, ka utlwa sebopuwa se phelang sa boraro se re: Tloo o bone. Ka tadima, ka bona pere e ntsho; mme ya e kaletseng o ne a tshwere sekala letsohong la hae.

6 Ka utlwa lentswe le le mahareng a dibopuwa tse phelang tse nne, le re: Kgala ya koro ka denare, le tekanyo tse tharo tsa harese ka denare; mme o se ke wa senya ole le veine.

7 Eitse hobane e manolle tiiso ya bone, ka utlwa lentswe la sebopuwa se phelang sa bone, le re: Tloo o bone.

8 Yaba ke a tadima, ka bona pere e tshehla, mme ya e kaletseng lebitso la hae e le Lefu, mme Dihele tsa latela le yena. Mme ba newa matla hodima karolo ya bone ya lefatshe, ho bolaya ka sabole, le ka tlala, le ka lefu, le ka dibatana tsa lefatshe.

9 Eitse hobane e manolle tiiso ya bohlano, ka bona katlasa aletare meya ya ba bolailweng ka baka la lentswe la Modimo, le bopaki boo ba neng ba na le bona.

10 Ba howa ka lentswe le leholo, ba re: Morena ya halalelang, wa nnete, ho fihlela neng, o sa ahlolele ba ahileng lefatsheng madi a rona?

11 E mong le e mong a newa diaparo tse tshweu; mme ba bolellwa hore ba phomole ho se hokae, ho fihlela ho phetheha bahlanka ba bang le bona, le banababo bona, ba neng ba tla bolawa jwaloka bona.

12 Ka tadima ha e manolla tiiso ya botshelela, mme, bonang, ha eba le tshisinyeho e kgolo ya lefatshe; letsatsi la fifala jwaloka lesela la mokotla le boya, mme kgwedi ya eba jwaloka madi;

13 Dinaledi tsa lehodimo tsa wela lefatsheng, jwalokaha sefate sa feiye ha se hlohlora difeiye tsa sona, ha se tsokotswa ke moya o matla.

14 Lehodimo la tloha jwaloka moqolo ha o phuthwa; mme dithaba tsohle le dihlekehleke tsohle tsa tloswa tulong tsa tsona.

15 Mme dikgosi tsa lefatshe, le ba baholo, le balaodi ba mabotho, le barui, le ba matla, le mohlanka e mong le e mong, le batho bohle ba lokolohileng, ba ipata mengoting le mafikeng a dithaba.

16 Ba re ho dithaba le mafika: Re weleng hodimo, le re pate sefahlehong sa ya dutseng teroneng, le kgalefong ya Konyana.

17 Hobane letsatsi le leholo la kgalefo ya wona le fihlile; mme ke mang ya ka emang?

Contemporary Southern Sotho Bible

Copyright © 2024, by City Bible Foundation ®

Used by permission of City Bible Foundation ® All rights reserved worldwide.

City Bible Foundation
Lean sinn:



Sanasan