Johanne 2 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024Johanne 2 1 Ka tsatsi la boraro, ha eba le lenyalo Kana wa Galelea; mme mma Jesu o ne a le teng. 2 Jesu le barutuwa ba hae ba memilwe moketeng oo. 3 Ha veine e fela, mma Jesu a re ho yena: Ha ba na veine. 4 Jesu a re ho yena: “Mosadi, taba ya ka le wena ke efe? nako ya ka ha e eso fihle. 5 Mmae a re ho bahlanka: Le etse eng kapa eng eo a le bolellang yona. 6 Ho ne ho beilwe teng dinkgo tsa majwe tse tsheletseng, ka mokgwa wa Bajuda ba itlhatswang, e le nngwe e ka nka boima ba dikilo tse leshome le metso e mmedi kapa tse tharo. 7 Jesu a re ho bona: Tlatsang dinkgo tsa metsi. ’Me ba li tlatsa ho fihlela molomong. 8 A re ho bona: Jwale, kgang, le ise ho molaodi wa mokete. Mme ba e jara. 9 Yare ha molaodi wa mokete a latswitse metsi a entsweng veine, mme a sa tsebe moo e tswang teng, (empa bahlanka ba kga metsi ba ne ba tseba), molaodi wa mokete a bitsa monyadi. 10 Mme a re ho yena: Motho e mong le e mong o bea veine e monate qalong; mme etlere ha batho ba se ba nwele haholo, o ntoo tlisa e seng ntle; empa wena o bolokile veine e monate ho fihlela jwale. 11 Tšimoloho ena ya mehlolo Jesu o e entse Kana wa Galelea, mme a bonahatsa kganya ya hae; mme barutuwa ba hae ba dumela ho yena. 12 Kamora tseo, a theohela Kapernauma, yena le mmae, le banababo, le barutuwa ba hae; 13 Paseka ya Bajuda e ne e le haufi, mme Jesu a nyolohela Jerusalema. 14 A fumana ka Tempeleng ba rekisang dikgomo le dinku le maeba, le ba ananyang ditjhelete ba dutse. 15 Eitse hobane a etse seti sa marapo, a ba leleka bohle tempeleng, le dinku le dikgomo; a tsholola madi a baananyi, a menola ditafole; 16 A re ho ba rekisang maeba: Tlosang ntho tsena mona; le se ke la etsa ntlo ya Ntate ntlo ya thekiso. 17 Barutuwa ba hae ba elellwa hobane ho ngodilwe, ho thwe: Tjheseho ya ntlo ya hao e ntjele. 18 Yaba Bajuda ba araba, ba re ho yena: O re bontsha mohlolo ofe, haele moo o etsa ntho tsee? 19 Jesu a araba, a re ho bona: Qhaqhang tempele ena, mme ke tla e tsosa ka matsatsi a mararo. 20 Bajuda ba re: Tempele ena e ile ya hahuwa ka dilemo tse mashome a mane a metso e tsheletseng, mme wena o tla e tsosa ka matsatsi a mararo na? 21 Empa o ne a bua ka tempele ya mmele wa hae. 22 Eitse hobane a tsohe bafung, barutuwa ba hae ba elellwa hobane o ne a boletse jwalo ho bona; mme ba dumela Lengolo le lentswe leo Jesu a le buileng. 23 Eitse ha a le Jerusalema moketeng wa Paseka, ba bangata ba dumela lebitsong la hae, ha ba bona mehlolo eo a e etsang. 24 Empa Jesu o ne a sa ba tshepe, kahobane a ne a tseba batho bohle. 25 Ho ne ho sa hloke hore motho a pake ka motho, hobane o ne a tseba se ka ho motho. |
Contemporary Southern Sotho Bible
Copyright © 2024, by City Bible Foundation ®
Used by permission of City Bible Foundation ® All rights reserved worldwide.
City Bible Foundation