Johanne 14 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024Johanne 14 1 A dipelo tsa lona di se ferekane; le dumela ho Modimo, le dumele le ho nna. 2 Ka tlung ya Ntate ho na le meaho e mengata; hoja ho ne ho se jwalo, nka be ke le boleletse. Ke ya ho le lokisetsa bodulo. 3 Mme etlare ha ke eya ho le lokisetsa bodulo, ke tla boela ke tle, mme ke le nkele ho nna; hore moo ke leng teng, le lona le be teng. 4 Le moo ke yang le a tseba, le tsela le a e tseba. 5 Thomase a re ho yena: Morena, ha re tsebe moo o yang; mme tsela re ka e tseba jwang? 6 Jesu a re ho yena: Ke nna tsela, le nnete, le bophelo; 7 Hoja le a ntseba, le ka be le tsebile le Ntate; mme ho tloha jwale le a mo tseba, mme le mmone. 8 Filipi a re ho yena: Morena, re bontshe Ntate, mme ho tla re lekane. 9 Jesu a re ho yena: Ke dutse le lona nako e kalo, mme ha o a ka wa ntseba, Filipi? ya mponeng o bone Ntate; mme o bolela jwang ha o re: Re bontshe Ntate? 10 Na ha o dumele hore ke ho Ntate, le hore Ntate o ho nna? mantswe ao ke le bolellang wona, ha ke a bue ka bonna, empa Ntate ya dutseng ka ho nna, ke yena ya etsang mesebetsi. 11 Ntumeleng hobane ke ho Ntate, le Ntate o ho nna; 12 Kannetenete ke re ho lona: Ya dumelang ho nna, mesebetsi eo ke e etsang o tla e etsa le yena; mme o tla etsa mesebetsi e meholo ho ena; hobane ke ya ho Ntate. 13 Mme eng kapa eng eo le e kopang ka lebitso la ka, ke tla e etsa, hore Ntate a tlotliswe ka Mora. 14 Haeba le kopa eng kapa eng ka lebitso la ka, ke tla e etsa. 15 Haeba le a nthata, le boloke ditaelo tsa ka. 16 Ke tla rapela Ntate, mme o tla le nea Moemedi e mong, hore a dule le lona ka ho sa feleng; 17 E leng Moya wa nnete; eo lefatshe le ke keng la mo amohela, kahobane ha le o bone, leha e le ho o tseba; hobane o ahile le lona, mme o tla ba ka ho lona. 18 Nke ke ka le tlohela le le dikgutsana, ke tla tla ho lona. 19 Ho se ho se hokae, mme lefatshe ha le sa tla mpona; empa lona le a mpona, hobane ke phela, le lona le tla phela. 20 Ka tsatsi leo le tla tseba hobane ke ho Ntate, le lona le ka ho nna, le nna ka ho lona. 21 Ya nang le melao ya ka, mme a e boloka, ke yena ya nthatang; mme ya nthatang o tla ratwa ke Ntate, le nna ke tla mo rata, mme ke tla iponahatsa ho yena. 22 Judase, e seng Iskariota, a re ho yena: Morena, o tla iponahatsa jwang ho rona, e seng ho lefatshe? 23 Jesu a araba, a re ho yena: Ekare ha motho a nthata, o tla boloka lentswe la ka, mme Ntate o tla mo rata; 24 Ya sa nthateng ha a boloke dipolelo tsa ka, mme lentswe leo le le utlwang hase la ka, empa ke la Ntate ya nthomileng. 25 Ke le boleletse taba tseo, ke sa ntse ke ena le lona. 26 Empa Moemedi, e leng Moya o Halalelang, oo Ntate a tla o romela ka lebitso la ka, o tla le ruta tsohle, mme o tla le hopotsa tsohle tseo ke le boleletseng tsona. 27 Ke le siela kgotso, ke le fa kgotso ya ka; A dipelo tsa lona di se ferekane, mme di se ke tsa tshoha. 28 Le utlwile kamoo ke le boleletseng kateng, ka re: Ke a tsamaya, mme ke kgutlela ho lona. Hoja le a nthata, le ka be le thabile, kahobane ke itse, ke ya ho Ntate, hobane Ntate o moholo ho nna. 29 Jwale ke le boleletse pele di etsahala, hore, mohla di hlahang, le tle le dumele. 30 Ho tloha jwale ha ke sa tla bua tse ngata le lona, hobane morena wa lefatshe lena o a tla, mme ha a na letho ho nna. 31 Empa hore lefatshe le tsebe hoba ke rata Ntate; mme jwalokaha Ntate a ntaetse, ke etsa jwalo. Tsohang, re tlohe mona. |
Contemporary Southern Sotho Bible
Copyright © 2024, by City Bible Foundation ®
Used by permission of City Bible Foundation ® All rights reserved worldwide.
City Bible Foundation