Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -

1 BaThesalonika 3 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024


1 BaThesalonika 3

1 Ka baka leo, ha re sa kgone ho mamella, ra bona ho le molemo ho siuwa Athene re nnotshi;

2 ra roma Timothea, ngwaneso, mosebeletsi wa Modimo, mosebeletsi wa rona Evangeling ya Kreste, ho le tiisa, le ho le tshedisa ka baka la tumelo ya lona.

3 Hore ho se be motho ya sisinngwang ke dihloreho tsena, hobane le a tseba hore ke tsona tse reretsweng tsona.

4 Hobane kannete, mohla re sa na le lona, re kile ra le bolella pele hore re tla hloriswa; jwalokaha ho etsahetse, le lona le a tseba.

5 Ka baka leo, ha ke sa kgone ho mamella, ke ile ka romela ho tseba tumelo ya lona, esere mohlomong Moleki a le lekile, mme mosebetsi wa rona wa fetoha lefeela.

6 Empa jwale, ha Timothea a etswa ho lona, a tla ho rona, a re tlisetsa molaetsa o molemo wa tumelo ya lona le lerato la lona, le hore le ntse le re hopola hantle ka mehla, le hlolohetswe haholo ho re bona jwalokaha le rona re le bona.

7 Ka baka leo, bana beso, re tshedisitswe ke lona mahlomoleng wohle le matshwenyehong a rona ka tumelo ya lona.

8 Hobane jwale re a phela, ha le ema le tiile Moreneng.

9 Hobane re ka busetsa teboho efe ho Modimo bakeng sa lona, ka thabo yohle eo re e thabelang ka baka la lona pela Modimo wa rona?

10 Bosiu le motsheare re ntse re rapela ka matla hore re bone sefahleho sa lona, mme re tle re phethe tse haellang tumelong ya lona?

11 Jwale Modimo, Ntata rona, le Morena wa rona Jesu Kreste, a ke a lokise tsela ya rona ho tla ho lona.

12 Morena a ke a le hodise, le a le atise leratong la ho ratana le ho batho bohle, jwalokaha le rona re le etsa ho lona.

13 A tle a tiise dipelo tsa lona, le hloke sekodi kgalalelong, pela Modimo, Ntata rona, mohla Morena wa rona Jesu Kreste a tlang le bahalaleli bohle ba hae.

Contemporary Southern Sotho Bible

Copyright © 2024, by City Bible Foundation ®

Used by permission of City Bible Foundation ® All rights reserved worldwide.

City Bible Foundation
Lean sinn:



Sanasan