Nehemia 8:3 - BIBELE3 A o balla banna, le basadi, le batho ba nang le kutlwisiso; a o bala ho tloha hoseng ho fihlela motsheare o moholo, a le lebaleng le pela Monyako wa Metsi. Setjhaba sohle sa mamela ka hloko tse balwang Bukeng ya Molao. See the chapterSesotho 1909/1961 (SO)3 a bala teng lepatlelong le pela monyako wa Metsi, a qala e sa le ka meso, ya ba ya eba motshehare, pontsheng ya banna le basadi le ya ba seng ba ena le kelello ya basadi le ya ba seng ba ena le kelello ya ho utlwisisa; mme setjhaba kaofela sa nna sa sekehela buka ya molao ditsebe. See the chapter |
Esera, eo e neng e le Setsebi sa Molao o ne a eme hodima sethala se entsweng ka lehong, se etseditswe morero oo. Ka letsohong le letona la hae, ho ne ho eme Matiteya, le Shema, le Anaya, le Uriya, le Hilekiya, le Maasiya; ka letsohong le hae le letshehadi ho eme Pedaya, le Mishaele, le Malakiya, le Hashume, le Hashebadana, le Sekariya, le Meshulame.