Biblia Todo Logo
Online Bible

- Advertisements -




Mattheu 27:3 - BIBELE

3 Yare ha Judase, ya ekileng Jesu, a bona hore o se a ahloletswe lefu, a ikwahlaya, a busetsa ditjhelete tsa silefera tse mashome a mararo ho baprista ba baholo, le baholo,

See the chapter Copy

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Jwale, Judase ya mo ekileng, ha a bona hoba Jesu o tswilwe, a inyatsa; a busetsa ditjhelete tsa silefera tse mashome a mararo ho baprista ba baholo le ho baholo;

See the chapter Copy

Baasraak Sotho NT

3 Yaba Judase, ya mo ekileng, ha a bona hobane o ahlotswe, a baka, a busetsa ditjhelete tse mashome a mararo ho baprista ba baholo le baholo.

See the chapter Copy

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

3 Yaba Judase, ya mo ekileng, ha a bona hobane o ahlotswe, a baka, a busetsa ditjhelete tse mashome a mararo ho baprista ba baholo le baholo.

See the chapter Copy




Mattheu 27:3
15 Cross References  

Modidietsane wa ba kgopo o sekgwahla, mokoka ha o yo, thabo ya baetsadibe ke ya motsotswana feela?


Haeba pholo ena e hlaba lekgoba la monna kapa e hlaba lekgoba la mosadi, monga yona o tla lefa monga lekgoba silefera e etsang boima ba dikeramo tse makgolo a mararo le mashome a mane a metso e mehlano, mme pholo yona e tlepetswe ka majwe.


Morena a bua ho nna, a re: “Di akgelle sebopi sa dipitsa!” Ka nka ditjhelete tseo tsa silefera tse mashome a mararo, e leng moputso o moholo, oo ba neng ba re o a ntokela, ka di akgella sebopi sa dipitsa ka Tempeleng ya Morena.


Ha ho jewa dijo tsa mantsiboya, Diabolosi o ne a se a kentse pelong ya Judase, mora Simone Isekariota, maikutlo a hore a eke Jesu.


Hoba Judase a je sengwathwana, Satane a kena ka ho yena. Yaba Jesu o re ho yena: “Seo o se etsang, se etse kapele.”


Jwale Judase a ya teng le lebotho la bahlabani le balebedi ba neng ba romilwe ke baprista ba baholo le Bafarisi, ba tshwere mabone, le dirumola, le dihlomo.


Yaba Judase eo o reka tshimo ka moputso wa bokgopo ba hae, mme yare hoba a tabane fatshe moo, mpa ya hae ya phatloha ka lehare, mala a petletseha.


Ho swaba ka mokgwa oo Modimo a o ratang ho hlahisa pako e se nang boikwahlayo, e isang pholohong; athe ho swaba ka mokgwa oo lefatshe le o ratang ho tlisa lefu.


Follow us:

Advertisements


Advertisements