Biblia Todo Logo
Online Bible

- Advertisements -




Joshua 9:19 - BIBELE

19 Mahosana wohle a re ho setjhaba sohle: “Kaha re ba hlapanyeditse ka Morena Modimo wa Iseraele, re ke ke ra ba ntsha kotsi.

See the chapter Copy

Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Yaba dihlooho tsohle di re ho phutheho yohle: Re ba hlapanyeditse ka Jehova, Modimo wa Iseraele; jwale, re ke ke ra ba etsa hampe.

See the chapter Copy




Joshua 9:19
5 Cross References  

Ke re ho lona: Hlomphang taelo ya kgosi, hobane le entse kano kapele ho Modimo.


Bohle ba hlahelwa ke ntho e tshwanang: Ya lokileng le ya kgopo, ya molemo le e mobe, ya hlwekileng le ya sa hlwekang, ya etsang mahlabelo le ya sa etseng mahlabelo. Ya etsang hantle o tshwana le moetsadibe; ya hlapanyang o tshwana le ya sa hlapanyeng.


ha o ka hlapanya ka nna Morena ya phelang, wa hlapanya ka nnete le ka botshepehi, le ka ho loka, ditjhaba tsohle ke tla di hlohonolofatsa, ditjhaba tsohle di tla ntlotlisa.”


Empa bana ba Iseraele ba se ke ba ba bolaya, hobane mahosana a setjhaba a ne a hlapanyeditse Bagibeone ka Morena Modimo wa Iseraele. Setjhaba sohle sa korotlela mahosana.


Re tla ba etsa tjena: Re tla ba tlohela ba phele, esere ra itlisetsa kgalefo, ka baka la kano eo re neng re ba hlapanyetse yona.”


Follow us:

Advertisements


Advertisements