Biblia Todo Logo
Online Bible

- Advertisements -




Joshua 8:24 - BIBELE

24 Ha Baiseraele ba qetile ho bolaya baahi bohle ba Ai hara naha, le hara lehwatata moo ba neng ba ile ba ba phaladisetsa teng, mme bohle ba bolailwe ka sabole ho fihlela ba timela, Baiseraele bohle ba kgutlela Ai, ba bolaya masalla wohle ka sabole.

See the chapter Copy

Sesotho 1909/1961 (SO)

24 Baiseraele, eitse hobane ba qete ho bolaya ba ahileng Ai, naheng le lefeelleng, moo ba ba phalletseng teng, bohle ha ba dihilwe ka bohale ba lerumo, ba se ba timetse, Baiseraele bohle ba kgutlela Ai, ba bolaya le ba teng ka bohale ba lerumo.

See the chapter Copy




Joshua 8:24
6 Cross References  

Baiseraele ba bolaya Sihone ka sabole, ba hapa naha ya hae, ho tloha Arenone ho ya fihla Jaboko, le ho ya fihla naheng ya bana ba Amone, hobane moedi wa bana ba Amone o ne o raletswe.


Empa kgosi ya Ai yona ba e tshwara e ntse e phela, ba e isa ho Joshua.


Banna bohle le basadi bohle ba ileng ba bolawa tsatsing leo, e ne e le dikete tse leshome le metso e mmedi, e leng batho bohle ba Ai.


Ba morabe wa Benjamine ba baleha banna ba Baiseraele, ba nka tsela e lebang lehwatateng, empa dira tsa ba bea merebele, mme ba neng ba etswa motseng ba kena hara bona, ba ba fekefa.


Follow us:

Advertisements


Advertisements