Biblia Todo Logo
Online Bible

- Advertisements -




Joshua 6:13 - BIBELE

13 Baprista ba supileng, ba nkileng manaka a supileng a pheleu, ba tsamaya kapele ho areka ya Morena, ba ntse ba letsa manaka ao. Bahlabani ba tsamaya kapele ho baprista, mme serao sa tsamaya kamora areka ya Morena, baprista bona ba ntse ba letsa manaka.

See the chapter Copy

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Baprista ba supileng ba tshwereng diterompeta tse supileng tse tlerolang, ba nna ba tsamaya, ba eteletse areka ya Jehova pele, ba letsa diterompeta; ba hlometseng ba etella pele, mme makgotla a mang a latella areka ya Jehova; ba ya, ba ntse ba letsa diterompeta.

See the chapter Copy




Joshua 6:13
8 Cross References  

Kahobane Modimo a ne a ile a thusa Balevi ba jereng areka ya selekane sa Morena, ba etsa nyehelo ka dipohwana tse supileng le dipheleu tse supileng.


Jwale ba nkileng mokgele wa diahelo tsa bana ba Dane, ba tswela pele leetong, ho ya ka mabotho a bona, ba le kamoraorao ho ba diahelo tsohle. Mookamedi wa lebotho la bona e ne e le Ahiesere, mora wa Amishadai.


Empa ya tla tiisetsa ho fihlela qetellong, yena o tla pholoswa.


Re se kgathale ho etsa tse molemo, hobane re tla kotula ka nako e lokelang, haeba re sa tepelle.


Joshua a tsoha ka madungwadungwana, baprista ba jara areka ya Morena.


Le ka letsatsi la bobedi ba potoloha motse hanngwe, yaba ba kgutlela diahelong. Ba etsa jwalo ka matsatsi a tsheletseng.


Baprista ba supileng ba tsamaye kapele ho areka ba nkile manaka a supileng a pheleu. Ka letsatsi la bosupa le potolohe motse ka makgetlo a supileng, baprista ba letse manaka.


Bahlabani ba etella pele baprista ba neng ba letsa manaka, mme serao sa tsamaya kamora areka, baprista bona ba ntse ba letsa manaka.


Follow us:

Advertisements


Advertisements