Biblia Todo Logo
Online Bible

- Advertisements -




Joshua 19:51 - BIBELE

51 Ena ke naha e ileng ya ajwa ke moprista Eleasare, le Joshua mora wa Nune, le bao e leng dihlooho tsa malapa a bo-ntata bona, ba merabe ya bana ba Iseraele; ba e aba ka lotho ba le Shilo, kapele ho Morena, monyakong wa Tente ya Morena. Yaba jwale ba qetile ho aba naha.

See the chapter Copy

Sesotho 1909/1961 (SO)

51 Ke ao mafa ao moprista Eleasare, le Joshua, mora Nune, le dihlooho tsa bontata meloko ya bana ba Iseraele ba a abileng ka lotho, Silo, pela Jehova, monyako wa tente ya pokano. Ba phetha jwalo ho aba naha.

See the chapter Copy




Joshua 19:51
18 Cross References  

Lere la bokgosi le ke ke la tloha ho Juda, le lere la bolaodi ho ditloholo tsa hae, ho fihlela monga lona a fihla, yena eo ditjhaba di tla mo mamela.


Yaba o furalla Leaho la hae la Shilo, e leng tente eo a neng a e hlomile, a e hlomile hara batho.


A re ho bona: “Ha e le senwelo sa ka le tla se nwa, empa ha e le ho dula ka letsohong la ka le letona kapa ka ho le letshehadi hase nna ya ka fanang ka hona, ke ha ba ho lokiseditsweng ke Ntate.”


“Jwale Kgosi e tla re ho ba ka ho le letona: ‘Tloong, lona ba hlohonolofaditsweng ke Ntate, le rue Mmuso oo le o lokiseditsweng haesale lefatshe le thewa,


jwalokaha o mo neile matla hodima batho bohle, hore bohle bao o mo neileng bona, a tle a ba nee bophelo bo sa feleng.


Ha a se a timeditse ditjhaba tse supileng naheng ya Kanana, a ba nea naha eo hore e be lefa la bona


Tsena ke dinaha tseo bana ba Iseraele ba ileng ba di ja lefa naheng ya Kanana. Ba ne ba di abelwe ke moprista Eleasare, le Joshua mora wa Nune, le dihlooho tsa malapa a merabe ya bana ba Iseraele.


Setjhaba sohle sa bana ba Iseraele sa phuthehela Shilo, mme sa hloma Tente ya Morena hona moo, hobane se ne se se se hapile naha eo.


Joshua a ba abela yona ka lotho, a le Shilo, kapele ho Morena. Joshua a arolela bana ba Iseraele naha eo, ho ya ka merabe ya bona.


Morena a bua ho Joshua, a re:


Ba boela ba re: “Bonang, ka selemo se seng le se seng ho ba le mokete wa Morena, mane Shilo e ka leboya ho Bethele, ka botjhabela ho mmila o moholo o nyolohang Bethele, o eya Shekeme, ka borwa ho Lebona.”


Le lebelle, mme e tle ere ha le bona barwetsana ba Shilo ba etla motjekong, le ropohe hara dirapa tsa morara, monna e mong le e mong a ikabe ka mosadi wa hae hara barwetsana bao ba Shilo, a ikele naheng ya morabe wa Benjamine.


Ka selemo se seng le se seng monna eo o ne a ye a tlohe motseng wa habo, a ye Shilo ho ya kgumamela Morena wa mabotho, le ho mo etsetsa sehlabelo. Bara ba babedi ba Eli, e leng Hofeni le Finease, e ne e le baprista ba Morena.


Follow us:

Advertisements


Advertisements