Bana babo le bohle ba ntlo yabo, ba theoha, ba fihla ba mo nka, ba mo nyolla, ba mo epela pakeng tsa Sora le Eshetaole, moo ntatae Manowa a ileng a epelwa teng. Samosone e ne e ile ya eba moahlodi wa Baiseraele ka dilemo tse mashome a mabedi.
Bana ba Dane ba roma banna ba bahlano ba lelapa labo bona, e le bahlabani ba tswang metseng ya Sora le Eshetaole, ho ya hlwela naha, le ho e hlahloba. Ba re ho bona: “Tsamayang le yo hlahloba naha.” Bao ba ya fihla naheng e maralla ya Efraime, tlung ya Mmika, mme ba robaletsa teng.