Biblia Todo Logo
Online Bible

- Advertisements -




Joshua 10:27 - BIBELE

27 Ha letsatsi le dikela, Joshua a laela hore ba theole ditopo tseo difateng. Ba di akgela ka lehaheng leo dikgosi di neng di ipatile ka ho lona. Ba bea majwe a matonana molomong wa lehaha leo, mme majwe ao a ntse a le teng le kajeno-ya-bokajeno.

See the chapter Copy

Sesotho 1909/1961 (SO)

27 Ha letsatsi le phirima, Joshua a laela, mme ba ba fanyolla difateng, ba ba lahlela lehaheng leo ba neng ba ipatile ho lona, mme ba thetela majwe a maholo monyako wa lehaha; a sa le teng le kajeno.

See the chapter Copy




Joshua 10:27
5 Cross References  

Ba nka setopo sa Abosalome, ba se lahlela ka lemeneng le leholo, le neng le le ka morung, ba se qhobella ka majwe, ba etsa qubu e kgolo. Jwale Baiseraele bohle ba phasaphasa, motho ka mong a leba lapeng la hae.


Joshua a hloma majwe a leshome le metso e mmedi bohareng ba Jorodane, sebakeng seo maoto a baprista ba neng ba jere areka ya selekane a neng a eme teng, mme le kajeno-ya-bokajeno a ntse a le hona moo.


Ba kgobella majwe hodima hae, mme le kajeno-ya-bokajeno a ntse a le teng. Kgalefo e tlokomang ya Morena ya kokobela. Ke ka baka leo le kajeno-ya-bokajeno sebaka seo se ntseng se bitswa ka lebitso la Kgohlo ya Akore.


A fanyeha kgosi ya Ai sefateng, setopo sa yona sa tlohelwa moo ho fihlela mantsiboya. Ha letsatsi le dikela Joshua a laela hore setopo se fanyollwe sefateng. Ba se lahlela monyakong wa kgoro e kenang ka motseng, ba se kwahela ka qubu ya majwe. Qubu eo e ntse e le teng le kajeno-ya-bokajeno.


Follow us:

Advertisements


Advertisements