A hapa le baahi ba motse oo. A ba sebedisa ka disakga, le ka dipeke, le ka dilepe; a ba sebedisa le diboping tse besang setene. Metse yohle ya Baamone o ne a ye a e etse tjena. Yaba Davida o kgutlela Jerusalema le bahlabani bohle.
Pele ho mona, le kamorao ho mona, ha ho eso be le letsatsi le kang lena, leo ka lona Morena a kileng a mamela lentswe la motho, hobane Morena o ne a lwanela Iseraele.
Banna ba Gibeone ba romela molaetsa ho Joshua, diahelong tsa hae Gilegale, ba re: “O se ke wa phutha matsoho a hao, wa lahla bahlanka ba hao; nyolohela ho rona kapele, o tlo re thusa, mme o re pholose. Dikgosi tsohle tsa Baamore tse phelang naheng e maralla di re dikanetse.”