Biblia Todo Logo
Online Bible

- Advertisements -




Nehemia 4:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Bajuda ba re: Matla a bajari a fokotse, athe marole a mangata; re fela re tla sitwa ho phetha lerako!

See the chapter Copy

BIBELE

10 Baahi ba naha ya Juda ba re: “Batho ba hlekang ba fellwa ke matla, empa uduudu e sa le ngata, hoo e re sitisang ho tsosa lerako.”

See the chapter Copy




Nehemia 4:10
10 Cross References  

A kgetha ba dikete tse mashome a supileng hara bona e be ba jarang diphahlo, ba dikete tse mashome a robileng meno e le mmedi e be ba betlang majwe thabeng, ba dikete tse tharo tse nang le makgolo a tsheletseng e be balebedi ba sebedisang setjhaba seo.


ba ne ba lebela ba tlisang dintho, ba tsamaisa bohle ba sebetsang mosebetsi wa mofuta ofe le ofe; hape, hara Balevi ho ne ho na le bangodi, le bahlahlobi, le balebedi ba menyako.


Athe dira tsa rona di ne di re: Ba ke ke ba tseba letho, ba ke ke ba bona letho, ho fihlela re ba re kena hara bona, re ba bolaya, re emisa mosebetsi.


Yaba o bua pela banababo le pela bahlabani ba Samaria, a re: Bajuda bano ba fokolang ba etsa eng? Na ba haha qhobosheane na? Na ba tla hlaba mahlabelo na? Na ba tla phetha jwale na? Na ba tla phedisa majwe ka ho a ntsha diqubung tseno tsa marole, haele moo a tjhele?


Empa rona, ra rapela Modimo wa rona, mme ka ho ba tshaba, ra bea balebedi motshehare le bosiu, hore re itshireletse ho bona.


Mora motho, Nebukadresare, morena wa Babilona, o sebedisitse makgotla a hae mosebetsi o moholo Tire; dihlooho tsohle di phumuhile ke hona, mahetla wohle a phumuhile selota; mme hona teng Tire, yena le makgotla a hae ha ba ka ba bona moputso le o mong wa mosebetsi oo ba o sebeditseng teng.


Ho itswe ke Jehova wa makgotla: Setjhaba sena se re: Nako ha e eso ho tle; hase nako eo ntlo ya Jehova e ka hahuwang ka yona! ...


Empa banna ba neng ba ile le yena ba ne ba re: Ha ho kamoo re ka nyolohang ho ya lwantsha batho bao kateng, hobane ba re feta ka matla.


Ba nyoloha ho fihlela sekgutlong sa Eshkole; eitse hobane ba hlwele naha, ba nyebisa bana ba Iseraele ho ya naheng eo Jehova a neng a ba neile yona.


Follow us:

Advertisements


Advertisements