Biblia Todo Logo
Online Bible

- Advertisements -




Mattheu 5:16 - Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Lesedi la lona le ke le kganyetse batho jwalo, ba tle ba bone mesebetsi ya lona e molemo, mme ba rorise Ntata lona ya mahodimong.

See the chapter Copy

BIBELE

16 Lesedi la lona le ke le kganyetse batho jwalo, ba tle ba bone mesebetsi e metle ya lona, ba be ba tlotlise Ntata lona ya mahodimong.”

See the chapter Copy

Baasraak Sotho NT

16 Lesedi la lona a le kganyetse batho jwalo, hore ba tle ba bone mesebetsi ya lona e metle, mme ba tlotlise Ntata lona ya mahodimong.

See the chapter Copy

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

16 Lesedi la lona a le kganyetse batho jwalo, hore ba tle ba bone mesebetsi ya lona e metle, mme ba tlotlise Ntata lona ya mahodimong.

See the chapter Copy




Mattheu 5:16
42 Cross References  

Bana ba Iseraele ba ne ba bona hoba letlalo la sefahleho sa Moshe le a kganya; Moshe a boele a busetse lesira sefahlehong sa hae, ho fihlela a boela a kena ho ya bua le Jehova.


Tsela ya ba lokileng e jwaloka lesedi le kganyang, le ntseng le eketsa ho kganya ho fihlela motshehare o moholo o phethehileng.


Ke moo lesedi la hao le tla tjhaba jwaloka mafube a meso, ho pholoha ha hao ho phakise ho hlomela; ho loka ha hao ho tla o etella pele, kganya ya Jehova e o sale morao.


ho behela ba llang ba Sione hobane ba tla newa moqhaka sebakeng sa molora, ole ya thabo sebakeng sa bofifi, kobo ya kganya sebakeng sa moya o tepeletseng, hore ba tle ba bitswe dieike tsa ho loka, le lehlomela la Jehova le tlang ho mo tlotlisa.


Diketso tsa bona tsohle ba di etsa hore ba tle ba bonwe ke batho; hobane ba rwala meqhaka ya difilaktera tse diphara, mme ba lelefatsa dipodi dikobong tsa bona;


Le se ke la bitsa motho lefatsheng ntata lona, hobane o mong feela eo e leng Ntata lona, ke ya leng mahodimong.


le tle le be bana ba Ntata lona ya mahodimong; hobane o tjhabisetsa ba babe le ba batle letsatsi la hae, mme o nesetsa ba lokileng le ba kgopo.


Ha le itima dijo, le se ke la sosobanya difahleho tsa lona, jwaloka baikaketsi; ba itshenya tshobotsi, ba tle ba bonahale ho batho hobane ba itima dijo. Kannete ke a le bolella, ke re: Ba se ba nkile moputso wa bona.


Jwale lona, rapelang jwalo, le re: Ntata rona ya mahodimong, lebitso la hao a le ke le kgethehe;


Bongata ha bo bona hoo, ba tsota, mme ba rorisa Modimo, kahobane o neile batho matla a makalo.


A re ho bona: Ha le rapela, le no re: Ntata rona ya mahodimong, lebitso la hao a le ke le kgethehe; ho tle mmuso wa hao; thato ya hao e etswe lefatsheng jwalokaha e etswa lehodimong;


Moo Ntate a tlotliswang teng, ke ha le beha haholo: le hona ke moo le tla ba barutuwa ba ka.


Motseng wa Jopo, mosadi o ne a le teng, e leng morutuwa, ya bitswang Tabitha, ke ho re Dorkase, ha ho fetolwa; o ne a tletse mesebetsi e metle le dithuso tseo a neng a di etsa.


Mme ka mokgwa o jwalo, makunutu a pelo ya hae a bonahatswa, mme o tla itihela fatshe ka sefahleho, a rapele Modimo, mme a bolele hore Modimo o hara lona ka sebele.


Ba tla rorisa Modimo, ha ba bontshwa ka dithuso tseo hoba le na le kutlo Evangeling ya Kreste, eo le ipitsang ka yona, le hore le na le phano ya sebele ho bona, le ho bohle.


Mme di ne di leboha Modimo ka baka la ka.


Hobane re mosebetsi wa wona, re bopetswe ho Jesu Kreste mesebetsi e molemo, eo Modimo o e lokisitseng pele, re tle re itsamaele ho yona.


Hobane kgale le ne le le lefifi, empa jwale le lesedi Moreneng; tsamayang ke hona jwaloka bana ba lesedi.


Mme ra le rapela hore le tsamaye ka mokgwa o tshwanelang Modimo, o le biletsang mmusong wa wona le kganyeng ya wona.


e mpe e be ka mesebetsi e molemo, jwalokaha ho tshwanela basadi ba ipolelang hoba ba sebeletsa Modimo.


ya tumileng ka mesebetsi e metle, ya hodisitseng bana, le ho amohela baeti, le ho hlatswa bahalaledi maoto, le ho thusa ba mahlomoleng, le ho hlokomela mesebetsi yohle e molemo.


Hape, le yona mesebetsi e metle ya ba bang e ye e bonahale pele, mme e hosele e sitwa ho patwa.


Ba sebetse se molemo, ba atelwe ke mesebetsi e molemo, ba abele ba bang, ba fane;


ya iteletseng rona, a tle a re lopolle bokgopong bohle, mme a re hlatswe, a tle a iketsetse ka rona setjhaba seo e leng sa hae ka sebele, se tjhesehelang mesebetsi e metle.


Wena ka sebele, o ba etsetse mehlala ya mesebetsi e metle nthong tsohle, ka thuto e hlwekileng le ka ho tshaba ho saoha.


Baheso le bona ba ke ba ithute ho phehella mesebetsi e metle, mohla e hlokwang, e tle e se be ba sa beheng ditholwana.


Empa mohla ho bonahatseng mohau wa Modimo, Mmoloki wa rona, le lerato la wona ho batho, o re pholositse;


A re lebelaneng, re tle re isane ka tjheseho leratong le mesebetsing e metle.


le be le motsamao o motle hara bahetene, hore tabeng tseo ba le sebang ho tsona, jwaloka hola le le disenyi, ba rorise Modimo mohla o ba etelang, ha ba bontshisa mesebetsi ya lona e metle.


Empa haele lona, le moloko o kgethilweng, le baprista le marena, le mofuta o halalelang, le setjhaba se ruilweng, le tle le bolele dithoko tsa ya le bitsitseng lefifing ho le kenya leseding la hae le hlollang;


Haele lona basadi, le utlwe banna bao e leng ba lona jwalo, hore leha ba bang ba ka ba teng ba sa dumeleng lentswe, ba mpe ba hapuwe, leha e ke ke ya eba ka lentswe, e be ka metsamao ya basadi ba bona,


Le be le letswalo le letle, hore, tabeng tsona tseo ba le etselletsang ho tsona, jwaloka hoja le le disenyi, bona bao ba sebang metsamao ya lona e metle ho Kreste ba hlajwe ke dihlong.


E mong ha a bua, a ye ka dipolelo tsa Modimo; e mong ha a sebeletsa ba bang, a etse ka matla a hlahiswang ke Modimo, hore Modimo o tlotliswe nthong tsohle ka Jesu Kreste, eo kganya le borena e leng tsa hae, ka ho sa feleng! Amen.


Ha le nyefolelwe lebitso la Kreste le lehlohonolo; hobane Moya wa kganya, Moya wa Modimo, o dutse hodima lona; bona ba o nyefola, empa lona le a o tlotlisa.


Follow us:

Advertisements


Advertisements