Biblia Todo Logo
Online Bible

- Advertisements -




Mattheu 5:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Thabang, le hlasimolohe ka ho nyakalla; hobane moputso wa lona o tla ba moholo lehodimong; hobane ba hlorisitse jwalo baporofeta ba bileng teng pele ho lona.

See the chapter Copy

BIBELE

12 Thabang, le nyakalle, hobane moputso wa lona o moholo mahodimong; etswe baporofeta ba bileng teng pele ho lona ba hlorisitswe jwalo.”

See the chapter Copy

Baasraak Sotho NT

12 Thabang, le nyakalle, hobane moputso wa lona o moholo mahodimong;

See the chapter Copy

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

12 Thabang, le nyakalle, hobane moputso wa lona o moholo mahodimong;

See the chapter Copy




Mattheu 5:12
51 Cross References  

Kamora taba tsena, lentswe la Jehova la fihla ho Abrame ka pono, la re: Se tshabe, Abrame; ke nna thebe ya hao, mme moputso wa hao o tla ba moholoholo.


Ana monga ka, ha o eso ho bolellwe seo ke se entseng, mohla Jesebele a neng a bolaya baporofeta ba Jehova, kamoo nkileng ka pata batho ba mashome a mahlano lehaheng le leng kateng, ho le leng ka pata ba bang ba mashome a mahlano, e le baporofeta ba lekgolo ba Jehova, ka ba fepa bohobe le metsi na?


Esitile le mohla Jesebele a neng a bolaya baporofeta ba Jehova, Obadia o ne a nkile baporofeta ba lekgolo, a pata ba mashome a mahlano lehaheng le leng, a pata ba mashome a mahlano ba bang lehaheng le leng, a ba fepa bohobe le metsi.


Jesebele a romela lenqosa ho elia, a re: Medimo e nketse ka hore le ka hore, ha ke sa etse hosasa, ha ho le jwale, ka ho phela ha hao, jwalokaha o entse ka ho phela ha e mong le e mong wa bona.


Akabe a re ho Elia: Hleka o mphumane, wena o leng sera ho nna na? Elia a re: Ke o fumane, hobane o ineetse ho etsa ho leng hobe mahlong a Jehova.


Morena wa Iseraele a re ho Josafate: Ho sa na le monna e mong, eo re ka botsang Jehova ka yena, ke Mikea, mora Jimla, empa ke mo hloile, kahobane ha a mporofetele molemo, empa e le bobe. Josafate a re: Morena a se ke a bua jwalo.


Yaba morena o romela ho Elia molaodi wa banna ba mashome a mahlano, a ena le ba hae ba mashome a mahlano. A tla ho yena, a mmona a dutse hodima thaba, a re ho yena: Monna wa Modimo, morena o re, o theohe.


Empa Asa a halefela seboni, mme a se hlahlela teronkong, kahobane a ne a se hlonametse ka baka la taba tsa sona. Hape, hona mohlang oo, Asa a tuba ba bang ba setjhaba.


Empa ba nna ba soma ka manqosa a Modimo, ba nyedisa dipolelo tsa wona, ba tsheha baporofeta ba wona, ho fihlela kgalefo ya Jehova e ba e phahamela setjhaba sa wona, ho se ho se kamoo ho ka thuswang kateng.


Leha ho le jwalo, ba nnile ba ikgantsha, ba o fetohela; ba lahlela molao wa hao kamora mekokotlo ya bona; ba bolaya baporofeta ba hao ba neng ba paka hara bona, ba reng ba ba sokollela ho wena, mme ba nna ba o phephetsa haholo.


Mohlanka wa hao o ediswa ke tsona; ho bolokweng ha tsona ho na le moputso o moholo.


mme ho tla thwe: Moputso o teng ruri wa ya lokileng; ruri, Modimo o teng o ahlolang lefatshe.


E mobe o sebetsa mosebetsi o tla mo thetsa; empa ya jalang ho loka o na le moputso o tiileng.


Ereng: Ba lokileng ba tla ba lehlohonolo, hobane ba tla ja ditholwana tsa diketso tsa bona.


Ke kgalemetse bana ba lona ka lefeela; ha ba amohele tayo; lerumo la lona le bolaile baporofeta ba lona jwaloka hoja ke tau e harolang.


Eitse ha Jeremia a setse a qetile ho bolela tsohle tseo Jehova a mo laetseng ho di bolella setjhaba kaofela, baprista le baporofeta le setjhaba kaofela, ba mo tshwara, ba re: O tla shwela ruri!


Jeremia a re: Leshano! Ha ke ye ho ineela Bakalde. Empa eo ha a ka a mo dumela. Yaba Jireja o tshwara Jeremia, a mo tlisa ho baholo.


Hobane Mora motho o tla tla ka kganya ya Ntatae le mangeloi a hae; mme mohlang oo, o tla nea e mong le e mong ka tekanyo ya diketso tsa hae.


Ha le itima dijo, le se ke la sosobanya difahleho tsa lona, jwaloka baikaketsi; ba itshenya tshobotsi, ba tle ba bonahale ho batho hobane ba itima dijo. Kannete ke a le bolella, ke re: Ba se ba nkile moputso wa bona.


Jerusalema, Jerusalema, ya bolayang baporofeta, ya tlepetsang ka majwe ba rongwang ho wena, ke ratile hangata hakakang ho bokella bana ba hao hammoho, jwaloka kgoho ha e bokella ditsuanyana tsa yona tlasa mapheo a yona, empa le hanne!


Mohlang oo, le thabe, le nyakalle, hobane moputso wa lona o tla ba moholo lehodimong; le bontata bona ba ne ba etsa baporofeta jwalo.


Empa lona, ratang bao e leng dira ho lona, le etse batho hantle, le adimane le se balaele; mme moputso wa lona o tla ba moholo; le tla ba bana ba Ya hodimodimo; hobane yena o mohau ho ba sa leboheng le ho ba lonya.


Empa bosiu bo boholo, Pauluse le Silase ba ne ba rapela, ba binela Modimo difela; mme ba kwaletsweng le bona ba ne ba ba mamela.


Baapostola ba tloha kgotla, ba thabile kahobane ba entswe ba tshwanelwang ke ho hlabiswa dihlong ka baka la lebitso la Jesu.


Hase hoo feela, empa re ithorisetsa le matshwenyehong, re tswe re tseba hobane tshwenyeho e hlahisa mamello,


Mme ya hlomang le ya nosetsang ke ntho e le nngwe feela; mme e mong le e mong o tla amohela moputso oo e leng wa hae, ka tekanyo ya mosebetsi oo e leng wa hae.


Hobane hlomoho e tjhatsi ya rona, ya motsotso wona, e ntse e re sebelletsa letlotlo la kganya le tlodisang, le sa feleng;


Hobane ka baka la Kreste le neilwe lehlohonolo, e seng feela la ho dumela ho yena, e leng le la ho utlwiswa bohloko ka baka la hae.


Ekasita leha madi a ka a ka tshelwa sehlabelong le kananelong ya tumelo ya lona, teng nka thaba, ka thaba le lona bohle.


Jwale, ke thabela mahloko a ntlhahelang ka baka la lona, mme ke phethisisa nameng ya ka ho setseng ha mahlomola a Kreste, ka baka la mmele wa hae, e leng kereke.


le tswe le tseba hobane le tla fuwa ke Morena moputso wa lefa; le sebeletsa Kreste Morena.


e leng bona ba bolaileng Morena Jesu le baporofeta ba bona, mme ba re hlorisitse; ha ba kgahlise Modimo, mme ba hanyetsa batho bohle.


Hobane le kile la hlomohela ba ditlamong, mme le dumetse ka thabo ha ntho tsa lona di tlatlapuwa, la itsebela hobane le na le moruo o fetisang, o sa tloheng.


a kgolwa hoba sekgobo sa Kreste ke monono o fetisang matlotlo a Egepeta; hobane o ne a tadimile moputso.


Bao bohle ka tumelo ba hlotse marena, ba sebeditse ho loka, ba ruile dipallo, ba thibile melomo ya ditau;


Empa tumelo ha e le siyo, ha ho kamoo Modimo o ka kgahliswang kateng; ya atamelang Modimo e ka kgona a dumele hobane o teng, le hoba ke wona moputsi wa ba o batlang.


Banabeso, le ke le lekanye hobane ke thabo feela ha le hlahelwa ke meleko e mengata;


Banabeso, nkang mohlala wa mahlomola le wa sebete ho baporofeta ba buileng ka lebitso la Morena.


empa erekaha le nkile kabelo mahlomoleng a Kreste, thabang hore, mohla kganya ya hae e bonahalang, le tle le thabe ka nyakallo e fetisisang.


Jehova a putse mosebetsi wa hao, mme moputso o phethehileng wa hao o tswe ho Jehova, Modimo wa Iseraele, eo o tlileng ho tshabela katlasa dipheo tsa hae.


Follow us:

Advertisements


Advertisements