Biblia Todo Logo
Online Bible

- Advertisements -




Joele 3:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 ke tla rekisa ka bara ba lona le ka baradi ba lona ho bara ba Juda, ba rekise ka bona ho Basabea, setjhaba se hole, hobane Jehova o boletse.

See the chapter Copy

BIBELE

8 Ke tla rekisa bara le baradi ba lona ho setjhaba sa Juda, mme sona se tla ba rekisetsa Basheba, e leng setjhaba se hole,” ho rialo Morena.

See the chapter Copy




Joele 3:8
12 Cross References  

yaba Basabea ba di wela hodimo, ba di hapa, ba bolaya le badisa ka lerumo; ke phonyohile ke nnotshi ho tla o behela.


marena a Tarshishe le a dihlekehleke a tla ntsha dineo, marena a Seba le a Saba a tlise dinyehelo.


Bara ba bahlorisi ba hao ba tla tla ho wena, ba ikokobeditse; ba o nyatsitseng kaofela ba tla inama maotong a hao; ba tla o bitsa: motse wa Jehova, Sione wa Mohalaledi wa Iseraele.


Leha ho le jwalo, bohle ba o jang ba tla jewa, bohle ba o patisang ba tla iswa kaofela kgolehong; ba o tlatlapang ba tla tlatlapjwa, bohle ba o senyang ke tla ba neela tshenyeho.


Dibano tse tswang Sheba e ka ba eng ho nna, le monko o monate la naha e hole nka le reng? Ditjheso tsa lona ha di nkgahlise, mahlabelo a lona ha a nnatefele.


Mme hona teng ho ne ho ena le modumo wa letshwele le dutseng le iketlile; hape, kantle ho batho ba neng ba etswa ditjhabeng, ho ne ho latilwe dinoi nahathothe; mme tsa ba rwesa mefitshana matsohong, le meqhaka ya kgabiso dihloohong.


Sheba, le Dedane, le bahwebi ba Tarshishe, le ditawana tsohle tsa teng, ba tla re ho wena: Hleka o tlile ho hapa na? Hleka o bokeletse bongata boo ho tlatlapa thepa, hore o tle o be o ye le silefera le kgauta, o nke le mehlape le mesebetsi, ho hapa thepa e kgolo na?


Motho a le mong o ne a tla phallela ba sekete jwang, mme ba babedi ba ne ba tla lelekisa ba dikete tse leshome jwang, hojane Lefika la bona le sa ka la rekisa ka bona, le hojane Jehova a sa ka a ba lahla?


Kgalefo ya Jehova ya tukela Baiseraele, mme a ba neela matsohong a disenyi tse ba senyang, mme a ba rekisetsa matsohong a dira tsa bona tse ba teetseng hare, ba ba ba sitwa ho tiya pela dira tsa bona.


Jehova a ba rekisetsa matsohong a Jabine, morena wa Kanana, ya neng a busa Hatsore; molaodi wa makgotla a hae e ne e le Sisera, ya ahileng Haroshethe-Gojime.


Debora a re: Ho ya, ke tla ya le wena, empa o ke ke wa bona thoriso tseleng eo o tsamayang ho yona, hobane Jehova o tla neela Sisera matsohong a mosadi. Yaba Debora o a tloha, a ya Kedeshe ba ena le Barake.


Follow us:

Advertisements


Advertisements