Biblia Todo Logo
Online Bible

- Advertisements -




Joele 3:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 lona le nkileng kgauta ya ka le silefera ya ka, la ba la isa mesebetsi ya ka ya bohlokwa ditempeleng tsa lona;

See the chapter Copy

BIBELE

5 Le nkile silefera ya ka le kgauta ya ka, la isa matlotlo a ka a bohlokwa ka ditempeleng tsa lona.

See the chapter Copy




Joele 3:5
15 Cross References  

Ebile Joase, morena wa Juda, o nka tsohle tse kgethetsweng Jehova ke Josafate le Jorame le Akasia, bontatae, marena a Juda, le tse kgethilweng ke yena, le kgauta yohle a fumanweng polokelong ya ntlo ya Jehova le ho ya ntlo ya morena, a di romela ho Hasaele, morena wa Siria; yaba o tlohela ho ya Jerusalema.


Akase a nka silefera le kgauta tseo a di fumaneng ka tlung ya Jehova le bobolokelong ba ntlo ya marena, a di romela ho morena wa Assiria ka mokgwa wa nyehelo.


A ya le matlotlo wohle a ntlo ya Jehova, le matlotlo a ntlo ya morena, a pshatla mesebetsi yohle ya kgauta, e neng e entswe ke Salomone, morena wa Iseraele, tempeleng ya Jehova, jwalokaha Jehova a ne a boletse.


Hape, mohlang oo, Morena o tla boela a otlolle letsoho la hae hape la bobedi ho lopolla masala a setjhaba sa hae a siilweng naheng ya Assiria, le Egepeta, le Pathrose, le Ethiopia, le Elame, le Shineare, le Hamathe, le dihlekehlekeng tsa lewatle.


Ka baka leo, bonang, ho bolela Jehova, ho tla matsatsi ao ba sa tlo ka ba re: Jehova o a phela ya nyolotseng bana ba Iseraele lefatsheng la Egepeta!


Lentswe la ba balehang le la ba phonyohang lefatsheng la Babilona le utlwahala Sione, ho tsebisa ba teng tefetso ya Jehova, Modimo wa rona, ya ho itefelletsa tempele ya hae.


Leotsang metsu, le tshware dithebe. Jehova o tsositse moya wa marena a Bamede; hobane morero wa hae o reretswe Babilona ho mo senya, hobane tefetso ya Jehova ke eo, tefetso ya tempele ya hae.


Ha ho le jwalo, o porofete, o re ho bona: Morena Jehova o re: Bonang, ke se ke tla phetla mabitla a lona, ke le nyolle mabitleng a lona, lona setjhaba sa ka, ke le busetse naheng ya Iseraele.


leha ho le jwalo, o tla hlompha modimo wa diqhobosheane nqalong ya wona; modimo o sa kang wa tsejwa ke bontatae, a o hlomphe ka dikgauta le disilifera, ka majwe a bohlokwa le ka dikgabiso tse ding.


Empa ba pholohileng ba tla ba teng thabeng ya Sione; e tla ba nqalo e kgethehileng, mme ba ntlo ya Jakobo ba tla rua tse neng di ruilwe ke ditjhaba tseo.


Follow us:

Advertisements


Advertisements