Joele 2:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)12 Athe le jwale, ho bolela Jehova, oho, kgutlelang ho nna ka pelo tsohle tsa lona, ka ho itima dijo, le ka dillo, le ka maikwahlayo. See the chapterBIBELE12 “Hona jwale,” ho rialo Morena, “kgutlelang ho nna ka pelo tsa lona tsohle, ka ho itima dijo, ka meokgo le ka dillo.” See the chapter |
Yaba dititimi di ya le naha yohle ya Iseraele le Juda, di ena le mangolo a tswang ho morena le ho mahosana a hae; taelo ya morena e ne e re: Bana ba Iseraele, kgutlelang ho Jehova, Modimo wa Abrahama, wa Isaaka le wa Iseraele, hore le yena a kgutlele ho lona, masala a phonyohileng matsohong a marena a Assiria.