Biblia Todo Logo
Online Bible

- Advertisements -




BaFilipi 2:20 - Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Hobane ha ke na e mong eo pelo ya hae e tshwanang le ya ka jwaloka yena, leha e le ya hlokomelang taba tsa lona ka sebele jwaloka yena.

See the chapter Copy

BIBELE

20 Ke yena feela mona ya nang le maikutlo a kang a ka, ya le thahasellang.

See the chapter Copy

Baasraak Sotho NT

20 Hobane ha ke na motho ya nang le pelo e tshwanang le ya ka, ya tla hlokomela taba tsa lona ka sebele.

See the chapter Copy

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

20 Hobane ha ke na motho ya nang le pelo e tshwanang le ya ka, ya tla hlokomela taba tsa lona ka sebele.

See the chapter Copy




BaFilipi 2:20
16 Cross References  

empa ke wena, monna eo o leng mokana e motswalle wa ka;


o re: Baradi ba bangata ba bile kgabane, empa wena, o ba feta bohle.


Ya ruilweng o a baleha, kahobane, e le ya ruilweng feela, mme ha a re letho ka dinku.


A rialo, e seng kahobane a ne a hlokomela bafumanehi, empa e le kahobane e ne e le leshodu; ke yena ya neng a na le mokotlana wa ditjhelete, mme o ne a inkela se kenngwang teng.


Modimo wa mamello le wa tshediso o ke o le nee ho ba le kgopolo e le nngwe e mong ka nqa ho e mong, ho Jesu Kreste,


Ekare ha Timothea a etla, le bone hore a dule hara lona a sa tshabe letho, kahobane a ineetse mosebetsi wa Morena jwaloka nna.


le ke le phethise thabo ya ka, ka ho ba le kgopolo e le nngwe, le lerato le le leng, le moya o le mong, le ho ikutlwa ho le hong feela.


Empa yena, le tseba diketso tsa hae, kamoo a ntshebeleditseng Evangeling kateng, jwoloka ngwana ha a sebeletsa ntatae.


Jesu, ya bitswang Juste, le yena o a le dumedisa. Ho ba lebollo, ke bona ba nnotshi ba ntshebedisang mmusong wa Modimo, mme ba bile tshediso ho nna.


ke ngolla Timothea, mora wa ka wa sebele tumelong, ke re: O newe mohau, le lereko, le kgotso ke Modimo, Ntata rona, le ke Jesu Kreste, Morena wa rona.


Ha o beela baena taba tseo, o tla ba mohlanka ya molemo wa Jesu Kreste, ya otlilweng ka dipolelo tsa tumelo le ka thuto e molemo, eo o e latetseng.


ke hopola le yona tumelo ya hao e se nang boiketsiso, eo pele e bileng ho Loise, nkgonao, le ho Eunise, mmao; mme le wena ke kgolwa ruri hoba e ho wena.


Empa haele wena, o rutehile thuto ya ka ruri, le ho etsa ha ka, le phehello ya ka, le tumelo ya ka, le mamello ya ka, le lerato la ka, le sebete sa ka;


Eitse hobane Davida a qetelle ho bua le Saule, pelo ya Jonathane ya holehana le pelo ya Davida, mme Jonathane a mo rata, jwalokaha a ithata.


Ebile Jonathane o hlaba selekane le Davida, hobane a ne a mo rata jwalokaha a ithata.


Follow us:

Advertisements


Advertisements