Hobane dintja di nteetse hare, lekgotla la ba bolotsana le ntikile, ba hlabile diatla tsa ka le maoto a ka.
BaFilipi 2:8 - Sesotho 1909/1961 (SO) Mme ha a hlahile a le jwaloka motho, o ikokobeditse, a iketsa ya utlwang ho isa lefung, e, le lefung la sefapano. BIBELE O ile a inyenyefatsa, ya eba ya mamelang ho isa lefung, le hona lefu la sefapano. Baasraak Sotho NT Mme a fumanwa ka sebopeho sa motho, a ikokobetsa, mme a mamela ho isa lefung, e leng lefu la sefapano. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Mme a fumanwa ka sebopeho sa motho, a ikokobetsa, mme a mamela ho isa lefung, e leng lefu la sefapano. |
Hobane dintja di nteetse hare, lekgotla la ba bolotsana le ntikile, ba hlabile diatla tsa ka le maoto a ka.
A fetoha pontsheng ho bona; sefahleho sa hae sa kganya jwaloka letsatsi, mme diaparo tsa hae tsa eba tshweu jwaloka lesedi,
A ntoo ya pejana, a wela fatshe ka sefahleho, a rapela, a re: Ntate, ekare ha ho ka etswa, ako fetisetse senwelo sena hole le nna? Empa ho se ke ha etswa thato ya ka, ho mpe ho etswe ya hao!
A boela a ya la bobedi, a rapela, a re: Ntate, ekare ha e se ntho e ka etswang hore senwelo sena se fetele hole le nna ke sa nwele ho sona, a ho etswe thato ya hao!
A re a sa ntse a rapela, ponahalo ya sefahleho sa hae ya fetoha, mme diaparo tsa hae tsa sweufala, tsa kganya.
Ha ho motho ya nkamohang bona; ke nna ke bo beang ka ho rata ha ka; ke na le matla a ho bo bea, le matla a ho boela ke bo nka. Taelo eo ke e nkile ho Ntate.
Empa hore lefatshe le tsebe hobane ke rata Ntate, le hoba ke etsa kamoo Ntate a ntaetseng kateng, emang, a re tloheng mona.
Ha le boloka melao ya ka, le tla dula leratong la ka, jwalokaha le nna ke bolokile melao ya Ntate, mme ke dutse leratong la hae.
Jesu a re ho bona: Sejo sa ka ke ho etsa thato ya ya nthomileng, le ho phetha mosebetsi wa hae.
Kahlolo ya hae e phethilwe boikokobetsong ba hae; mme ke mang ya ka bolelang leloko la hae? Hobane bophelo ba hae bo tloswa lefatsheng.
Hobane jwalokaha ba bangata ba beilwe baetsadibe ka ho se utlwe ha motho a le mong, ka mokgwa o jwalo, ba bangata ba tla bewa ba lokileng ka ho utlwa ha a le mong.
Hobane le tseba mohau wa Morena wa rona Jesu Kreste, hoba, leha a ne a enne, o ne a iketse mofumanehi ka baka la lona, le tle le ene ka bofumanehi ba hae.
Kreste o re lopolotse thohakong ya molao, ka ho etswa thohako bakeng sa rona; — hobane ho ngodilwe, ho thwe: Ho rohakwe mang le mang ya fehilweng sefateng;
setopo sa hae se se ke sa sala sefateng bosiu bohle, o mpe o se epele ka lona letsatsi leo; hobane ya fanyehilweng o rohakilwe ke Modimo, mme ha o na ho silafatsa lefatshe leo Jehova, Modimo wa hao, a o fang lona ho le rua.
ya iteletseng rona, a tle a re lopolle bokgopong bohle, mme a re hlatswe, a tle a iketsetse ka rona setjhaba seo e leng sa hae ka sebele, se tjhesehelang mesebetsi e metle.
re ntse re tadimile Jesu, moqadi le mophethi wa tumelo, ya mameletseng sefapano ka baka la thabo eo a e beetsweng, a sa kang a re letho ka dihlong, a ba a ya dula letsohong le letona la terone ya Modimo.
yena ya jereng dibe tsa rona mmeleng wa hae sefapanong, hore re shwe ka nqa ya dibe, re tle re phelele ho loka; eo le fodisitsweng ka matetetso a hae.
Hobane le yena Kreste o ne a utlwiswe bohloko hang ka baka la dibe; yena ya lokileng o bolaetswe bakgopo, hore a tsebe ho re tlisa ho Modimo; o shwele ka nqeng ya nama, empa o phedisitswe ka nqeng ya moya.