Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Tshenolo 7:15 - BIBELE

15 “Ke ka lebaka leo ba emeng kapele ho terone ya Modimo, mme ba mo sebeletsa motsheare le bosiu ka tempeleng ya hae. Ya dutseng teroneng o tla ba sireletsa leahong la hae.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Ke ka lebaka leo ba leng pela terone ya Modimo, mme ba o sebeletsa motshehare le bosiu tempeleng ya wona; mme ya dutseng teroneng o tla ba sireletsa.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

15 Ke ka baka leo ba leng pela terone ya Modimo, ba o sebeletsang motshehare le bosiu tempeleng ya wona;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

15 Ke ka baka leo ba leng pela terone ya Modimo, ba o sebeletsang motshehare le bosiu tempeleng ya wona;

Ver Capítulo Copiar




Tshenolo 7:15
25 Referencias Cruzadas  

Ke tla phela hara bana ba Iseraele, mme nke ke ka furalla setjhaba sa ka sa Iseraele.”


Davida o ne a re: “Morena Modimo wa Iseraele, o phomoditse setjhaba sa hae, e le hore se tle se ahe Jerusalema kamehla.”


Ke tla aha hara bana ba Iseraele, ke be Modimo wa bona.


Leaho la ka le lona le tla ba hara bona; nna ke tla ba Modimo wa bona, bona e be setjhaba sa ka.


Ke tla hloma Tente ya ka kahara lona, mme lona nke ke ka le hloya.


Lentswe ya eba motho, la aha hara rona, mme ra bona tlotla ya lona, e tletseng mohau le nnete, tlotla e kang eo Mora ya tswetsweng a nnotshi a e fumaneng ho Ntate.


Na ha le tsebe hore le tempele ya Modimo, le hore Moya wa Modimo o ahile ka ho lona?


Ana tempele ya Modimo e ka dumellana ka eng le medimo ya bohata? Rona re tempele ya Modimo ya phelang, jwalokaha Modimo a itse: “Ke tla aha, mme ke phele hara bona, ke be Modimo wa bona, bona e be setjhaba sa ka.


Re tadimeng ho Jesu, moqadi le mophethahatsi wa tumelo ya rona. Ke yena eo, ka baka la thabo eo a neng a e lebeletse, a ileng a mamella mahloko a sefapano, a se ke a natsa ho tlontlollwa ka sona, mme jwale o dutse ka letsohong le letona la terone ya Modimo.


Tabataba ya tseo ke di boletseng ke ena: Re na le Moprista e Moholo ya jwalo, ya dutseng ka letsohong le letona la terone ya Ya Hodimodimo, mahodimong.


Yaba ho bulwa tempele ya Modimo e lehodimong, mme ha bonahala areka ya selekane ka ho yona. Ha eba teng mahadima, le medumo, le letolo, le tshisinyeho ya lefatshe, le sefako se dinaka.


Sa qala ho bua, sa nyefola Modimo, sa nyefola lebitso la hae, le leaho la hae, le baahi ba lehodimo.


Diabolosi, ya di kgelositseng, a akgelwa letsheng la mollo le sebabole, moo sebatana le moporofeta wa bohata ba leng teng. Ba tla hlokofatswa motsheare le bosiu, kamehla le mehla.


Ha ke a ka ka bona tempele motseng oo, hobane tempele ya wona ke Morena, Modimo ya matla wohle, le Konyana.


Thohako e ke ke ya hlola e eba teng. Terone ya Modimo le ya Konyana e tla ba teng motseng oo, mme bahlanka ba hae ba tla mo sebeletsa.


Ha ho sa tla ba le bosiu; ha ba sa tla hloka lesedi la lebone kapa lesedi la letsatsi, hobane Morena o tla ba bonesetsa, mme ba tla busa kamehla le mehla.


Terone e ne e potapotilwe ke diterone tse mashome a mabedi a metso e mene, mme diteroneng tseo ho ne ho dutse baholo ba mashome a mabedi a metso e mene, ba apereng diaparo tse tshweu, ba rwetseng mefapahlooho ya kgauta dihloohong.


Se seng le se seng sa dibopuwa tseo tse nne tse phelang, se ne se ena le mapheo a tsheletseng, mme kantle le kahare ho wona ho ena le mahlo a mangatangata. Bosiu le motsheare di ne di sa kgaotse ho re: “O a halalela, o a halalela, o a halalela, Morena Modimo ya matla wohle, ya bileng teng, ya leng teng, ya tlang ho tla.”


Ha dibopuwa tse phelang di isa tlotla, le hlompho, le teboho, ho ya dutseng teroneng, ho ya phelang kamehla le mehla,


Kamorao ho tsena ka tadima, mme ka bona letshwelehadi leo ho neng ho se motho ya ka le balang. E ne e le ba mefuta yohle, le ba meloko yohle, le ba ditjhaba tsohle, le ba dipuo tsohle, ba eme kapele ho terone le kapele ho Konyana, ba apere diaparo tse tshweu, ba tshwere makala a dipalema matsohong a bona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos