Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Tshenolo 7:14 - BIBELE

14 Ka mo araba, ka re: “Monghadi, ho tseba wena.” A re ho nna: “Ke ba tswang matshwenyehong a maholo. Ba hlatswitse diaparo tsa bona, mme ba di sweufatsa ka madi a Konyana.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Ka re ho yena: Monghadi, ho tseba wena. A re ho nna: Ke ba tswang mahlomoleng a maholo; ba hlatswitse diaparo tse telele tsa bona, ba di sweufaditse mading a Konyana.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

14 Ka re ho yena: Morena, ke wena o tsebang. A re ho nna: Bana ke ba tswang mahlomoleng a maholo, mme ba hlatswitse diaparo tsa bona tse telele, ba di sweufatsa mading a Konyana.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

14 Ka re ho yena: Morena, ke wena o tsebang. A re ho nna: Bana ke ba tswang mahlomoleng a maholo, mme ba hlatswitse diaparo tsa bona tse telele, ba di sweufatsa mading a Konyana.

Ver Capítulo Copiar




Tshenolo 7:14
30 Referencias Cruzadas  

Tsietsi tsa hao o tla di lebala tsohle, o di hopole jwaloka metsi ha a sa fetile.


A e etsetsa mehele e mene ya kgauta maotong a yona a mane: mehele e mmedi ka lehlakoreng la pele, le e meng e mmedi ka lehlakoreng la bobedi.


“Tloong re lokise ditaba,” ho rialo Morena. “Leha dibe tsa lona di ka ba kgubedu, di tla sweufala jwaloka lehlwa; leha di ka ba kgubedu tlere! di tla sweufala jwaloka boya.


Ba bang ba ba bohlale ba tla kgoptjwa, e le hore ba tle ba lekwe, ba hlwekiswe, ba ntlafatswe, ho fihlela nako ya bofelo e beilweng e fihla.”


“Ka yona nako eo, Mikaele, kgosana e kgolo, mosireletsi wa setjhaba sa heno, o tla fihla. Mohlang oo ho tla ba le ditlokotsi tse esong ho ka di bonwa, haesale ditjhaba di eba teng ho fihlela kajeno. Ha nako eo e fihla, bohle ba setjhaba sa heno ba ngotsweng Bukeng, ba tla lopollwa.


Yaba ke atamela ho e mong wa ba neng ba eme moo, ka mmotsa hore na tseo di bolelang. “Yena a mpolella, a ntlhalosetsa se bolelwang ke dintho tsena, a re:


“Mohla tsatsi leo, sediba se tla ba teng, seo ba ntlo ya Davida le baahi ba Jerusalema, ba tla hlwekiswa sebe le ditshila tsa bona ho sona.


hobane mohlang oo ho tla ba le ditlokotsi tse kgolo, tse esong ho be teng ho tloha tshimolohong ya lefatshe ho fihlela jwale, mme ha di sa tla ba teng hape.


hobane matsatsing ao ho tla ba le ditlokotsi tseo ho esong ho be teng tse jwalo, ho tloha tshimolohong ya dintho tseo Modimo a di bopileng ho fihlela jwale, mme ha di sa tla ba teng hape.


“Ditaba tsena ke di buile ho lona hore le tle le fumane kgotso ho nna. Le tla ba le matshwenyeho lefatsheng, empa kgothalang, nna ke hlotse lefatshe.”


Ba matlafatsa dipelo tsa barutuwa, ba ba kgothaletsa ho tiisetsa tumelong, ba re: “Eka kgona re kene Mmusong wa Modimo ka ho feta hara matshwenyeho a mangata.”


Ho feta mona, re motlotlo le hara matshwenyeho, ka ho tseba hore matshwenyeho a hlahisa mamello,


Ba bang ba lona le ne le le jwalo, empa le ile la hlatsuwa, la halaletswa, la lokafatswa ka lebitso la Morena Jesu Kreste, le ka Moya wa Modimo wa rona.


Ke kahoo re ithorisang ka lona dikerekeng tsa Modimo, ka baka la tiisetso le tumelo ya lona hara ditlhoriso tsohle tsa lona, le matshwenyeho ao le a mamellang.


Ke ka lebaka lena Jesu a ileng a hlokofaletswa kantle ho kgoro ya motse, e le hore a tle a halaletse setjhaba ka madi a hae.


na madi a Kreste ya inyehetseng ho Modimo ka moya wa hae o sa feleng, a se na sekodi, ekaba wona a hlwekisa hakaakang dipelo tsa rona mesebetsing e isang timelong, e le hore re tle re sebeletse Modimo ya phelang?


empa ke ka madi a bohlokwa, a kang a konyana e se nang sekodi, leha e le letheba, e leng a Kreste.


Empa haeba re phela leseding, jwalokaha le yena a le leseding, re a phedisana, mme madi a Jesu, Mora wa hae, a re hlwekisa dibe tsohle.


le ke Jesu Kreste, eo e leng yena paki e tshepahalang, wa pele ya tsohileng bafung, le mmusi wa dikgosi tsohle tsa lefatshe. Ho ya re ratileng, ya re hlatswitseng dibe ka madi a hae,


Bona ba mo hlotse ka madi a Konyana, le ka lentswe leo ba le pakileng, mme ba ba ba eshwa ba sa qenehele bophelo ba bona.


Ka bona ho tshwanang le lewatle le kang kgalase, le kopaneng le mollo. Hodima lona ho ne ho eme ba hlotseng sebatana le setshwantsho sa sona le palo e emetseng lebitso la sona, ba tshwere diharepa tsa Modimo.


Ka bona mosadi eo a tahilwe ke madi a bahalaledi le ke madi a dipaki tsa Jesu. Eitse ha ke mmona, ka hlollwa haholo.


o re: Ke tseba matshwenyeho le bofutsana ba hao; leha ho le jwalo, o ruile. Ke tseba dinyefolo tsa ba reng ke Bajuda, empa e se bona, e le ba phutheho ya Satane.


“Ho lehlohonolo ba hlatswang diaparo tsa bona, e le hore ba tle ba be le tokelo ya ho ja sefate sa bophelo, le ya ho kena motseng ka dikgoro tsa wona.


Ba ne ba bina sefela se setjha, ba re: “Ho a o lokela ho nka buka le ho kgomarolla dibitielo tsa yona, hobane o ile wa hlajwa, mme ka madi a hao wa lopollela Modimo batho ba meloko yohle, le ba dipuo tsohle, le ba ditjhaba tsohle, le ba mefuta yohle.


Kamorao ho tsena ka tadima, mme ka bona letshwelehadi leo ho neng ho se motho ya ka le balang. E ne e le ba mefuta yohle, le ba meloko yohle, le ba ditjhaba tsohle, le ba dipuo tsohle, ba eme kapele ho terone le kapele ho Konyana, ba apere diaparo tse tshweu, ba tshwere makala a dipalema matsohong a bona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos