Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Tshenolo 20:9 - BIBELE

9 Tsa tlala lefatshe ka bophara ba lona, mme tsa dikanela diahelo tsa badumedi le motse o ratwang, empa mollo wa theoha lehodimong, wa di fedisa.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Ka ba bona ba tla ka bophara ba lefatshe, mme ba dika diahelo tsa bahalaledi le motse o ratwang; ha mpa ha hlaha mollo o tswang ho Modimo lehodimong, mme wa ba qeta.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

9 Ba nyolohela ka bophara ba lefatshe, mme ba dika diahelo tsa bahalaledi, le motse o ratwang, mme mollo wa theoha ho Modimo o etswa lehodimong, wa ba tjhesa.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

9 Ba nyolohela ka bophara ba lefatshe, mme ba dika diahelo tsa bahalaledi, le motse o ratwang, mme mollo wa theoha ho Modimo o etswa lehodimong, wa ba tjhesa.

Ver Capítulo Copiar




Tshenolo 20:9
33 Referencias Cruzadas  

Morena a nesetsa sebabole le mollo hodima Sodoma le Gomora, di etswa ho Morena, mahodimong.


Ha mohlanka wa moporofeta wa Modimo a tsoha e sa le ka matjeke, a etswa ka tlung, a bona lebotho la bahlabani ba dipere, le ba dikariki, le etseditse motse sakana-la-nkope. Mohlanka enwa a re ho moporofeta: “A rona bale, monga ka! Re tla etsa jwang?”


Na bonamo ba lefatshe o a bo tseba? Haeba tsena tsohle o a di tseba, ako bolele!


Mollo wa tuka hara sehlopha sa bona, malakabe a wona a tjhesa bao ba kgopo.


Morena o rata dikgoro tsa Sione, ho feta metlotlwane yohle ya Jakobo.


Mollo o mo eteletseng pele o tjhesa dira tse mo potapotileng.


Kgale setjhesetso se lokiseditswe kgosi, se batsi, se bile se tebile; jwang le dihotetso di entse pokella, ho phefumoloha ha Morena ho kang nokana ya sebabole, ho tla se hotetsa se laime malakabe.


Lengeloi la Morena la tswa, la ya diahelong tsa Baasiria, la bolaya Baasiria ba dikete tse lekgolo le mashome a robedi a metso e mehlano. Ha bosiu bo wela fatshe, kaofela ha bona ya be e se e le ditopo.


O tla futuhela setjhaba sa ka sa Iseraele jwaloka leru le kwahetseng naha. Ka matsatsi a tlang, wena Gogo, o tla futuhela naha ya ka, e le hore baditjhaba ba tle ba ntsebe ha ke bonahatsa kgalalelo ya ka ka wena Gogo, moo ba ntseng ba bona.


Ke tla mo ahlolela lefu la sewa le tshollo ya madi, yena le mabotho a hae, le ditjhaba tse ngata tseo a nang le tsona, ke ba nesetse pula ya sekgohola, le sefako se dinaka, le mollo, le sebabole.


Wena le mabotho wohle a hao le ditjhaba tse ngata tse emeng le wena, le tla nyoloha jwaloka sefefo, le be jwaloka leru le kwahelang naha.


Ke tla romella mollo naheng ya Magogo le ho bohle ba ahileng mabopong a lewatle, ba phelang ka kgotso, mme ba tla tseba hore ke nna Morena.


Pulamadiboho e tla ba etella pele; ba tla roba mekwallo ya kgoro, ba itsamaele. Kgosi ya bona e tla tswa pele ho bohle, ka sehloohong sa bona Morena a itlhomme.”


Bona he, jwale ke tsosa Bakalatiya, tjhaba sane se bohale, se lehala, se thalatsang kahohle le lefatshe, ho ikgapela metse eo e seng ya sona.


Setjhaba sa korotla haholo moo Morena a ntseng a utlwa. Ha Morena a utlwa, bohale ba hae ba tlokoma, mollo wa Morena wa se laimela, wa tjhesa meedi ya diahelo lore!


Mollo wa theoha o etswa ho Morena, wa timetsa banna bana ba makgolo a mabedi le mashome a mahlano ba ileng ba nyehela ka mokubetso.


Empa ka letsatsi leo Lota a neng a tswe Sodoma ka lona, mollo le sebabole tsa na, di etswa lehodimong, tsa ba timetsa bohle.


O tla fihlelwa ke matsatsi, ao ka wona dira tsa hao di tla o etsetsa thibella, di o teele hare, di o patise kahohle,


“Etlare ha le bona Jerusalema e teelwa hare ke mabotho, le tsebe hore ho ripitlwa ha yona ho atametse.


Yare ha barutuwa ba hae, Jakobo le Johanne, ba bona hoo, ba re: “Morena, na o rata hore re re mollo o theohe lehodimong, o ba fedise?”


Morena Modimo wa hao, o tsamaya le wena hara diahelo ho o sireletsa, le ho neelana ka dira tsa hao matsohong a hao. Diahelo tsa hao eka kgona di halalele, esere Morena a bona ho hong hara lona ho silafetseng, mme a le furalla.”


a le hara malakabe a mollo, ho ahlola ba sa tsebeng Modimo le ba sa mameleng molaetsa o molemo wa Morena wa rona Jesu.


Kahoo a re mo kgahlanyetseng kantle ho diahelo, re ntse re jere sekgobo sa hae.


Haeba motho a ka rata ho di ntsha kotsi, mollo o betsehang melomong ya tsona o timetsa dira tsa tsona. Haeba motho a ka rata ho di ntsha kotsi, eka kgona a bolawe jwalo.


Sebatana seo sa bobedi sa etsa mehlolo e meholo: sa theola mollo lehodimong, pontsheng ya bohle, hore o tle o wele lefatsheng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos