Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Tshenolo 17:16 - BIBELE

16 Dinaka tse leshome tseo o di boneng hodima sebatana, le sona sebatana, di tla hloya seotswa, di se amohe tsohle, di se hlobodise. Di tla ja nama ya sona, di se tjhese mollong.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Mme dinaka tse leshome tseo o di boneng ho sebata, di tla hloya seotswa, di se fedise, di se hlobodise, di je nama tsa sona, mme di se tjhese mollong.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

16 Mme dinaka tse leshome tseo o di boneng hodima sebata, di tla hloya seotswa, di se fedise, di se hlobodise, di je nama ya sona, di se tjhese ka mollo.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

16 Mme dinaka tse leshome tseo o di boneng hodima sebata, di tla hloya seotswa, di se fedise, di se hlobodise, di je nama ya sona, di se tjhese ka mollo.

Ver Capítulo Copiar




Tshenolo 17:16
17 Referencias Cruzadas  

Na ba lapa la ka ba kile ba re: ‘Ke mang ya sa kang a ja, a kgotsofala?’


Ha ba etsang bobe ba ntwantsha ho mpolaya, dira tseo tsa ka le bao ba ntlhoileng ba a kgothometseha, ba we.


“Ka bona sebatana sa bobedi, se tshwanang le bere, se eme ka maoto a morao. Se ne se lomme mahopo a mararo ka meno a sona. Yaba ho thwe ho sona: ‘Ema, o harele nama e ngata!’


“ ‘Moradi wa moprista ha a itshilafatsa ka bootswa, o silafatsa ntatae, mme moradi eo o tla tjheswa ka mollo.


Ha hlaha pontsho e nngwe hape lehodimong. E ne e le kganyapa ya tonana, e kgubedu, e dihlooho tse supileng, le dinaka tse leshome, le mefapahlooho e supileng dihloohong tsa yona.


Lengeloi la botshelela la qhalla lefiswana la lona hodima noka e kgolo ya Euferatese. Metsi a yona a epsha, hore dikgosi tse tswang botjhabela di lokisetswe tsela.


tse hlano tsa tsona di se di wele, ya botshelela e ntse e busa, ya bosupa e sa tla tla. Empa mohla e tlang e tla ba teng ka nakwana feela.


Ba itshela ka lerole dihloohong, ba howa, ba lla, ba hlomoha, ba re: “ ‘Ho madimabe! Ho madimabe! Motse o moholo, moo bohle, ba neng ba ena le dikepe lewatleng, ba ileng ba ruiswa ke leruo la wona! Empa o fedisitswe ka nako ya hora feela!


Ka baka leo, dikotlo tsa yona di tla e tlela, di e tlele ka tsatsi le leng, lefu, mahlomola, le tlala, mme e tla tjheswa lore! Hobane Morena Modimo ya e ahlolang o matla.”


le tle le je dinama tsa dikgosi, le tsa balaodi, le tsa dinatla; dinama tsa dipere le tsa bapalami ba tsona; dinama tsa batho bohle, tsa makgoba le tsa balokolohi, tsa ba banyenyane le tsa ba baholo.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos