Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Tshenolo 16:21 - BIBELE

21 Yaba sefako se dinaka, se boima ba dikilo tse mashome a mahlano, se theoha hodimo, se ruthutha batho. Batho ba nyefola Modimo ka baka la kotlo ya sefako, hobane kotlo eo e ne e le kgolo ka ho fetisisa.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Sefako se seholo, se boima bo kang ba talenta, sa na lehodimong, sa wela hodima batho; mme batho ba nyefola Modimo, ka baka la kotsi ya sefako, kahobane e bile kotsi e kgolo haholo.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

21 Sefako se seholo, se boima ba dikilo tse mashome a mane se ne se etswa lehodimong, sa wela hodima batho; hobane kotlo ya teng e ne e le kgolo ka ho fetisisa.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

21 Sefako se seholo, se boima ba dikilo tse mashome a mane se ne se etswa lehodimong, sa wela hodima batho; hobane kotlo ya teng e ne e le kgolo ka ho fetisisa.

Ver Capítulo Copiar




Tshenolo 16:21
15 Referencias Cruzadas  

“Na o kila kena matlung a polokelo ya lehlwa, kapa wa bona matlo a polokelo ya sefako,


tseo ke di boloketseng nako ya ditsietsi, tsatsi la ho futuha le la dintwa?


Bona, hosasane, ka yona nako ena, ke tla nesa sefako se dinaka, seo ho esong ho be se kang sona mona Egepeta, ho tloha mohla e simolohang, ho fihlela kajeno.


Morena a re ho Moshe: “Phahamisetsa letsoho la hao mahodimong, hore ho tle ho ne sefako naheng yohle ya Egepeta; se nele batho, se nele diphoofolo, se nele dimela tsohle tse naheng, mona naheng ya Egepeta.”


Morena o tla utlwahatsa lentswe le tlotlehang la hae, a bonahatse tsoho la hae ha le theoha, le theoha ka mabifi le ka kgalefo, ka malakabe a mollo o timetsang, ka leru le phatlohang, le ka difefo, le ka sefako.


Batho ba tla lelera lefatsheng ba tsielehile, ba lapile, mme etlare ha ba lapile ba pote, ba tadime hodimo, ba rohake kgosi ya bona le Modimo wa bona.


bolella bana ba dilang lerako ka phepa hore lerako leo le tla wa. Ho tla na pula ya ditlwebelele, e nang ka sefako se dinaka, mme moya wa sefefo o tla puka.


“ ‘Ka baka leo, Morena Modimo o re: Ha ke se ke halefile ke tla le heletsa ka moya wa sefefo, mme ha ke se ke halefile ke tla nesa pula ya ditlwebelele e nang ka sefako se dinaka hore e ripitle lerako leo.


Yare ha ba ntse ba baleha Baiseraele, ba le motheong wa Bete-Horone, Morena a ba nesetsa sefako se dinaka, se tswang lehodimong, ba ba ba ya fihla Aseka, mme ba eshwa. Ba bolailweng ke sefako ba eba bangata ho feta ba bolailweng ke Baiseraele ka sabole.


Yaba ho bulwa tempele ya Modimo e lehodimong, mme ha bonahala areka ya selekane ka ho yona. Ha eba teng mahadima, le medumo, le letolo, le tshisinyeho ya lefatshe, le sefako se dinaka.


Ba nyefola Modimo wa lehodimo ka baka la mahloko le diso tsa bona, empa ha ba a ka ba bakela mesebetsi ya bona.


Batho ba tjheswa ke lebatama le leholo, mme ba nyefola lebitso la Modimo ya nang le matla hodima dikotlo tsena, empa ha ba a ka ba baka, hore ba tle ba mo tlotlise.


La pele la letsa terompeta, mme sefako le mollo, di tswakane le madi, tsa tsholohela lefatsheng. Karolo ya boraro ya lefatshe ya etjha, le karolo ya boraro ya difate ya etjha, le jwang bohle bo botala ba etjha.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos