Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Tshenolo 14:8 - BIBELE

8 Yaba lengeloi le leng, e leng la bobedi, le latela leo ka ho re: “E wele! E wele! Babilona e kgolo, yona e tahisitseng ditjhaba tsohle ka jwala ba bohale ba bohlola ba yona!”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Lengeloi la bobedi la latela, le re: O wele, o wele, Babilona, motse o moholo, hobane o nwesitse ditjhaba tsohle veine ya bohale ba bootswa ba wona.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

8 Lengeloi le leng la latela, la re: “O wele, Babilona, motse o moholo, hobane o nositse ditjhaba tsohle veine ya bohale ba bootswa ba wona.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

8 Lengeloi le leng la latela, la re: “O wele, Babilona, motse o moholo, hobane o nositse ditjhaba tsohle veine ya bohale ba bootswa ba wona.

Ver Capítulo Copiar




Tshenolo 14:8
17 Referencias Cruzadas  

Bona ke boporofeta boo Esaya, mora wa Amose, a neng a bo senolelwe mabapa le Babilona:


Bonang, ho tla bapalami ba dipere ka bobedi! Sebohodi sa boela sa bua, sa re: “Babilona e wele! Babilona e wele! Tshwantsho tsa medimo ya bohata, medimo e betlilweng, di bjaramane, di hasantswe fatshe!”


Lena ke lentswe leo Morena a ileng a le bua ka molomo wa moporofeta Jeremia, malebana le Babilona le naha ya Bakalatiya:


Jwale o re: ‘Ka mokgwa o tjena, Babilona e tla teba, e ke ke ya hlola e bitoha hape, ka baka la koduwa eo ke tla e dihela hodima yona. Baahi ba yona ba tla kgathala.’ ” Mantswe a Jeremia a fella mona.


a bua, a re: “Na ee hase yona Babilona e kgolo, eo ke e hahileng ka matla a ka a maholo, e le ntlo ya bokgosi le tlotla ya botlotlehi ba ka?”


Leqeba la hao ha le na pheko, leoma la hao le isa lefung. Bohle ba utlwang ditaba tsena tsa hao, ba opela ho wa ha hao mahofi. Ke mang ya phonyohileng sehloho sa hao, sehloho sa hao se sa kgaotseng?


Ditopo tsa tsona di tla rapalla lebaleng la motse o moholo, oo Morena wa tsona a ileng a thakgisetswa ho wona, oo ka papiso o bitswang Sodoma kapa Egepeta.


Motse o moholo wa aroha dikoto tse tharo, mme metse ya baditjhaba ya wa. Modimo a hopola Babilona e kgolo, a e nwesa senwelo sa jwala ba kgalefo ya hae e tukang.


Mosadi eo o mmoneng ke motse o moholo, o busang dikgosi tsa lefatshe.”


hobane dikahlolo tsa hae ke tsa nnete, di lokile. O ahlotse seotswa se seholo, se sentseng lefatshe ka bootswa ba sona, mme a lefeletsa madi a bahlanka ba hae ka sona.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos