Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Tshenolo 14:5 - BIBELE

5 Leshano ha le a ka la fumanwa melomong ya bona; ha ba na letheba.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Mme leshano ha le a ka la fumanwa melomong ya bona; hobane ba hlokile letheba pela terone ya Modimo.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

5 Mme melomong ya bona ha ho a ka ha fumanwa mano, hobane ha ba na molato pela terone ya Modimo.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

5 Mme melomong ya bona ha ho a ka ha fumanwa mano, hobane ha ba na molato pela terone ya Modimo.

Ver Capítulo Copiar




Tshenolo 14:5
20 Referencias Cruzadas  

Ho lehlohonolo motho eo Morena a sa mmalleng molato, eo moya wa hae o se nang thetso.


Ke mang wa lona ya lakatsang ho phela, ya ratang ho bona matsatsi a thabo?


di solla hodima marako a motse, di solla teng motsheare le bosiu, bokgopo le bobe di kahara wona.


Polelo tsohle tsa ka ke tsa nnete, thetso le bomenemene ha di yo ho tsona,


Moratuwa, botle ba hao bo phethehile, botle ba hao bo hloka sekodi.


O na hopoletswe ho epelwa mabitleng a ba kgopo, le hoja a ne a eso ka a etsa phoso, le leshano le eso tswe molomong wa hae; empa ha a sa shwele a epelwa bitleng la morui.


Yaba baokamedi le mahosana ba batla leqheka leo ba ka qosang Daniele ka lona, malebana le kamoo a busang kateng, empa ba sitwa ho fumana leqheka kapa wona molato. Kaha a ne a tshepahala, ha ba a ka ba fumana phoso kapa molato ho yena.


Pelo tsa Baiseraele di tletse mano, kahoo ba fumantshwa kotlo ya bona. Modimo o tla heletsa dialetare tsa bona, a dihe difika tsa medingwana bona.


Masalla a Iseraele a ke ke a etsa bokgopo, leha e le hona ho bua mashano; a ke ke a thetsa ka maleme a wona. Masalla ao a tla fula, a bothe, ho se na ya ka hlolang a a tshosa.”


O ile a ruta thuto ya nnete, a se ke a bua leshano. A tsamaya le nna ka kgotso le ka ho loka, mme a sokolla ba bangata sebeng.


Lona madinyane a marabe, le ka bolela jwang tse lokileng le le kgopo tjee? Molomo o bolela se tletseng ka pelong.


Pilato a re ho baprista ba baholo le ho matshwele: “Ha ke fumane molato ho motho enwa.”


Jesu a bona Nathanaele a etla ho yena, a bua ka yena: “Bonang Moiseraele wa nnete, eo ho se nang mano ho yena!”


hore a tle a itlhophele kereke e kgabane, e se nang letheba, leha e le maswebe, leha e le tse ding tsa tse jwalo, e mpe e be e halalelang, e hlokang sekodi.


Empa kajeno Modimo o le boelantse le yena ka lefu la Kreste, ka mmele wa hae o shwang, e le hore le tsebe ho hlaha pela hae le le ba halalelang, ba se nang sekodi, ba hlwekileng.


na madi a Kreste ya inyehetseng ho Modimo ka moya wa hae o sa feleng, a se na sekodi, ekaba wona a hlwekisa hakaakang dipelo tsa rona mesebetsing e isang timelong, e le hore re tle re sebeletse Modimo ya phelang?


empa ke ka madi a bohlokwa, a kang a konyana e se nang sekodi, leha e le letheba, e leng a Kreste.


Ha a a ka a etsa sebe, le thetso ha e a ka ya tswa molomong wa hae.


“Ya ratang ho phela, le ho bona matsatsi a thabo, a tshware leleme la hae ho bua tse mpe, le molomo wa hae ho bua thetso.


Ho ya nang le matla a ho le boloka hore le se ke la kgoptjwa, le a ho le hlahisa kapela tlotla ya hae le se na sekodi, le nyakaletse,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos