Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Sofonia 3:20 - BIBELE

20 Mohla tsatsi leo ke tla le kgobokanya, ke le kgobokanye, le kgutlele hae. Thabo le tlotla di tla le aparela, le le hara tjhaba tsohle tsa lefatshe, mohla ke le kgutlisetsang ha habo lona, ke le kgutlisa le ntse le tadimile,” ho rialo Morena.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Nakong eo, ke tla le tlisa, ke le bokelle nakong eo; hobane ke tla le etsa ba tumileng le ba roriswang hara ditjhaba tsohle tsa lefatshe, mohla ke kgutlisang baholehuwa ba lona pela mahlo a lona, ho bolela Jehova.

Ver Capítulo Copiar




Sofonia 3:20
32 Referencias Cruzadas  

Tsela ya bona e ke e fifale, e thelle, ha lengeloi la Morena le ba lelekisa.


kahara tempele ya ka, kahara marako a yona, ke tla a etsetsa kgopotso, ke a ree lebitso, bitso le fetang la ba nang le bara le baradi, ke tla a rea lebitso la kamehla yohle, bitso le ke keng la hlola le fediswa.


Morena Modimo, yena ya kgutlisang baphaphathehi ba Iseraele, o bua tjena: “Ke sa tla boela ke mo kgutlisetsa ba bang, ntle ho bao ke seng ke ba kgutlisitse.”


“Le hoja o no furaletswe, o bile o hloilwe, ho se na motho ya keng a o tjhakele, ke tla o etsa ya kgabane kamehla yohle, ya tla thabisa e mengatangata meloko.


Moloko wa bona o tla tsejwa ke baditjhaba, ditloholo tsa bona di tsejwe hara matjhaba; bohle ba di bonang ba tla di tseba, ba di tsebe e le moloko, moloko o hlohonolofaditsweng, wa hlohonolofatswa ke Morena.”


Ba tla bitswa tjhaba se halalelang, ba bitswe balopollwa ba Morena; wena o tla bitswa Mpatlwane, o bitswe motse o sa furallwang.


Morena le se ke be la mo fa phomolo, ho fihlela a hlomamisa Jerusalema, a etsa hore lefatsheng mona e be Sebabatso!


“Jwalokaha mahodimo a matjha le lefatshe le letjha, e leng dintho tseo ke tla di bopa, di tla ba kapele ho nna kamehla,” ho rialo Morena, “ditloholo tsa ona di tla hlola jwalo, le lona lebitso la lona le hlole jwalo.”


“Nna ka seqo, ke tla bokella masalla a mohlape wa ka dinaheng tsohle tseo ke neng ke o leleketse ho tsona, ke boele ke o kgutlisetse masakeng a wona, mme o tla tswala, o anafale.


Le tla mphumana,’ ho rialo Morena, ‘mme ke tla le kgutlisa bothopuweng. Ke tla le phutha ditjhabeng tsohle le dinaheng tsohle tseo ke le leleketseng ho tsona,’ ho rialo Morena, ‘ke le kgutlisetse sebakeng seo ke neng ke le nke ho sona, ka le isa bothopuweng.’


Bonang, matsatsi a a tla, ho rialo Morena, ao ka wona setjhaba sa ka sa Iseraele le sa Juda se bothopuweng, ke tla se kgutlisetsa naheng eo ke neng ke e nee bo-ntata sona, hore e be ya bona,” ho rialo Morena.


Lebitso la motse ona le tla nthabisa, e be thoriso le tlotla ho ditjhaba tsohle tsa lefatshe, tse tlang ho utlwela tsohle tse molemo, tseo ke di etseditseng motse ona. Ditjhaba tseo di tla tshaba, di thothomele ka baka la tsohle tse molemo, le ka baka la nala yohle, e leng tseo ke di etseditseng motse ona.


“ ‘Ke tla boela ke atlehisa Sodoma le baradi ba hae, le Samaria le baradi ba hae; le wena Jerusalema, ke tla o atlehisa,


“ ‘Morena Modimo o bua tjena: Ha ke se ke phuthile Baiseraele, ke ba ntshitse hara ditjhaba tseo ba qhalakaneng hara tsona, ditjhaba tseo di tla bona hore ke a halalela, mme Baiseraele ba tla aha naheng ya bona, eo ke neng ke e nee mohlanka wa ka Jakobo.


“Ke tla batla tse lahlehileng, ke phuthe tse kgelohileng, ke tlamise tse robehileng, ke matlafatse tse tsetang. Ha e le tse nonneng, tse matla, tsona ke tla di bolaya. Ke tla alosa mohlape wa ka ka toka.


Ka baka leo, porofeta, o re ho bona: ‘Morena Modimo o bua tjena: Bonang, lona setjhaba sa ka, ke tla bula mabitla a lona, ke le ntshe kahara wona, ke le kgutlisetse naheng ya Iseraele.


mme o re ho sona: ‘Morena o bua tjena: Ke tla ntsha bana ba Iseraele hara baditjhaba bao ba ileng ho bona, ke ba phuthe hohle, ke ba kgutlisetse naheng ya bona.


Batho bohle ba naha eo ba tla thusa ho ba epela, mme hona e be tlotla ho bona, letsatsing leo ke tlang ho tlotliswa ka lona, ho rialo Morena Modimo.


Ke moo ba tla tseba hore ke nna Morena Modimo wa bona, ya ileng a ba isa bothopuweng, hara baditjhaba, a ba a ba kgutlisetsa naheng ya habo bona, ho se le ya mong ya setseng moo.


“Bonang, ka matsatsi ao, ka yona nako eo, ke tla atlehisa ba Juda le ba Jerusalema.


Ke tla kgutlisa tjhaba sa ka sa Iseraele, ke kgutlise tjhaba sa ka bothopuweng; se tla tsosa metse e se e le masupi, se e tsose, se phele ho yona. Se tla lema dirapa tsa morara, se di leme, se nwe veine ya wona; se tla lema dirapa, se je tholwana tsa tsona.


“Ruri ke tla le phutha kaofela, ke phuthe lona bohle ba ntlo ya Jakobo; ruri masalla a Baiseraele ke tla a phutha, ke a kgobokanye sa nku di kena sakeng, ke a phuthe sa mohlape o le makgulong, e be boiyane bo phetheselang ba batho.


Ba hlotsang ke tla ba etsa masalla, ba qhalantsweng ke ba etse tjhaba se matla. Morena o tla ba busa a le Thabeng ya Sione, a ba buse ho tloha mohla tsatsi leo, a ba buse kamehla le mehla.


E tla ba ya masalla a ba ntlo ya Juda, moo a alosetsang mehlape ya wona teng. Mantsiboya a tla botha ka matlung a Ashekelone, Morena Modimo wa wona, a a baballe, a a buseletse boiketlo ba wona.”


Mohla tsatsi leo ke tla otla, ke otle bohle ba o hateletseng; ke tla pholosa ba holofetseng, ke phuthe ba neng ba qhalakane. Hohle moo ba neng ba tlontlolotswe teng, thabo le tlotla di tla ba aparela.


Lona ba ntlo ya Juda le ba ntlo ya Iseraele, le bile sesupo sa thohako ho ditjhaba tsohle; jwale ke tla le pholosa, le tle le be sesupo sa tlhohonolofatso. Betang dipelo! Se tshabeng letho!”


Ke tla se kgutlisetsa Jerusalema, se tlo aha teng. E tla ba setjhaba sa ka, mme nna ke tla ba Modimo wa sona ya tshepahalang, ya lokileng.”


“Ditjhaba tsohle di tla re le lehlohonolo hobane naha ya lona e tla kgahleha haholo,” ho rialo Morena wa mabotho.


Kajeno Morena o le amohetse hore le be setjhaba seo e leng sa hae, jwalokaha a le tshepisitse; le hore le boloke melao yohle ya hae.


Ka thoriso, le ka botumo, le ka hlompho, o tla le phahamisetsa kahodimo ho ditjhaba tsohle tseo a di bopileng, e le hore le tle le be setjhaba se halalelang sa Morena Modimo wa hao, jwalokaha a tshepisitse.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios