Sakaria 9:13 - BIBELE13 Ke tla koba Juda sa ha ke koba seqha. Efraime yena e be motsu wa sona. Ke tla hlohleletsa bara ba Sione, ke ba etse sabole ya mohlabani, ba futuhele bara ba Bagerike.” Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)13 Hobane ke tla ikobela Juda jwaloka seqha, ke se tjhehe ka Efraime; ke tla tsosa bara ba hao, Sione, ke ba nehelle bara ba hao, Jafane; ke tla o etsa o be jwaloka lerumo la senatla. Ver Capítulo |
Ka botsa, ka re: “Malala aa a tlilo etsang?” Morena a nkaraba, a re: “Dinaka tsena ke tsona tse qhalantseng Juda, hoo ho sa kang ha eba le motho ya neng a ka phahamisa hlooho. Empa malala ana a tlilo tshosa le ho diha dinaka tsena, e leng baditjhaba ba ileng ba futuhela naha ya Juda, ba qhalakanya setjhaba sa yona.”