“Morena wa mabotho o bua tjena: Ha ho itingwa dijo ka kgwedi ya bone, le ka kgwedi ya bohlano, le ka ya bosupa, le ka ya leshome, e tla ba matsatsi a thabo le a nyakallo, e be mekete e monate ho ba ntlo ya Juda. Kahoo ratang nnete le kgotso.”
Morena wa mabotho o bua tjena: “Jwale lona ba utlwang se builweng ke baporofeta ba neng ba le teng mohla ho bewang motheo wa Tempele ya Morena wa mabotho, tsohang molota, le hahe Tempele ena.
Ba ile ba fuputsa hore na Moya wa Kreste, o neng o le ka ho bona, o supa nako efe, e jwang, ha o paka e sa le pele tsa ho hlokofatswa ha Kreste le tsa tlotla e tlang ho ho latela.