Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Sakaria 7:14 - BIBELE

14 ‘Ka sefefo ke ile ka ba qhalanyetsa dinaheng disele, moo ba sa tsejweng. Ba siya naha ya bona e le nanaola, e se na baahi. Naha ya bona e ntle ya fetoha nanaola jwalo.’ ”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 ke tla ba qhalanyetsa ka sefefo hara ditjhaba tsohle tseo ba sa di tsebeng. Efela lefatshe la sala le senyehile kamora bona, ha ba ha hlokeha ya yang, kapa ya kgutlang ka lona; hobane ba fela ba fetotse naha e ratehang tshenyeho.

Ver Capítulo Copiar




Sakaria 7:14
35 Referencias Cruzadas  

E ne e le hore ho phethahale dipolelo tsa Morena tse neng di bolelwe ke Jeremia, ha a ne a re: “Ho fihlela dilemo tse mashome a supileng di fela, naha e tla lala ka nako yohle eo e ntseng e hloka baahi ka yona.”


Ba ke ba qhididihe sa kgofu ha e ntse e tsamaya, ba be jwaloka sefolotsana, sona se sa boneng letsatsi.


Tjhaba di tla kgoroha sa metsi a le mangata, empa ha Modimo a di kgalema di a baleha, di fefolwa ke moya sa mmoko hodima dithaba, jwalokaha mahlokwa a fefolwa ke sefefo.


Bona ke boporofeta malebana le lehwatata le pela Lewatle: Jwaloka ditsokotsane tse ferellang naheng ya Borwa, ya futuhang o tla hlaha a etswa lehwatateng, a hlahe a etswa naheng, naheng ya matshabeho.


“Le hoja o no furaletswe, o bile o hloilwe, ho se na motho ya keng a o tjhakele, ke tla o etsa ya kgabane kamehla yohle, ya tla thabisa e mengatangata meloko.


Bonang, Morena o tla a le hara mollo, kariki tsa hae tsa ntwa di ka setsokotsane, kgalefo ya hae e tlokomang o e dihela ka mabifi, malakabe a mollo ke yona kgalemo ya hae.


Badisa ba bangata ba sentse tshimo ya ka, ba hataketse morara wa yona, ba o hatakela ka maoto, tshimo ya ka e ntle ba e fetola lehwatata.


Tsokotsane sa Morena se tsohile, se tsohile ka sekgahla le ka kgalefo, ka sekgahla, ba kgopo se a ba tsukutla.


Setsokotsane sa Morena se ferella se halefile, ke tsokotsane se puputlang se sa kgaotse; se tla theohela hodima hlooho tsa ba kgopo.


Yaba mahosana a re ho Baruke: “Wena le Jeremia tsamayang le yo ipata, ho se be motho ya tsebang moo le leng teng!”


Kahoo bohale ba ka le kgalefo ya ka di ile tsa tlokoma hara metse ya Juda le diterateng tsa Jerusalema, metse eo ya senyeha, ya fetoha masupi jwalokaha ho le jwalo le kajeno.


Wena ntlo ya Iseraele,” ho rialo Morena, “ke tlisa tjhaba se tswang hole ho o futuhela, tjhaba sa kgale, sa boholoholo, tjhaba seo puo ya sona o sa e tsebeng, tjhaba seo leme le sona o sa le tsebeng.


Ka selemo sa mashome a mabedi a metso e meraro sa puso ya Nebukadenesare, Nebusaradane, molaodi wa balebedi, a thopa Bajuda ba makgolo a supileng le mashome a mane a metso e mehlano; kaofela ya eba batho ba dikete tse nne le makgolo a tsheletseng.


Ere ho setjhaba sa naha ena: ‘Morena Modimo o bua tjena ka baahi ba Jerusalema, le ka ba phelang naheng ya Iseraele: Ba tla ja dijo tsa bona ba tshwenyehile, ba nwe metsi a bona ba tshohile, hobane naha ya bona e tla hlakolwa tsohle tse ho yona ka baka la meferefere ya bohle ba phelang ho yona.


Ke tla o qhalanyetsa hara baditjhaba, ke o qhalanyetse le dinaheng tse ding, mme ke fedise ho silafala ha hao.


Bo-ntata ba ahileng Jerusalema ba tla ja bara ba bona, mme bara le bona ba je bo-ntata bona. Ke tla phethahatsa kahlolo ya ka hodima hao, mme masalla a hao ke a qhalanyetse hohle lefatsheng.


Lenakeng le leng ha mela lenaka le lenyenyane, le ileng la hola haholo, matla a lona a tsejwa borwa, le botjhabela, le naheng e kgahlehang.


Modimo wa ka o tla ba furalla, hobane ha ba a ka ba mo mamela; ba tla fetoha baleleri hara baditjhaba.


Kapele ho lona hlaha e a tjhesetsa, kamorao ho lona ho tuka malakabe. Kapele ho lona naha e ka tshimo ya Edene, kamorao ho lona naha e sala e le nanaola; le a fiela, ha le siye le letho.


Ke tla le romela dibatana tse hlaha, tse tla harola bana ba lona, di fedise diphoofolo tsa lona, di fokotse palo ya lona, mme ditsela tsa lona di mele mohlwa.


Ke tla le qhalanyetsa hara ditjhaba, ke le bolaye ka sabole, naha ya lona e fetohe nanaola, le metse ya lona e fetohe masupi.


Marako a Raba ke tla a tjhesa, matlo a dikwele tsa yona ke a timetse, hara mokorotlo, mohla tsatsi la ntwa, hara lehoduotswana, mohla tsatsi la sefefo.


Morena o dieha ho halefa, o matla haholo, a ke ke a lesa ho otla ba molato. O tsosa setsokotsane le sefefo ha a tsamaya, maru a ke lerole maotong a hae.


Ka metsu ya hae molaodi wa na wa mo hlaba, mohla bahlabani ba neng ba re futuhetse, ba re futuhetse hore ba re qhalanye, ba thabetse ho bolaya bahlophehi, bahlophehi ba neng ba ipatile.


“Matjhaba wohle ke a timeditse, qhobosheane tsa wona ka di heletsa. Diterata tsa wona di setse feela, ha ho le ya mong ya tsamayang ho tsona. Metse ya tsona yohle e ripitlilwe, ha ho sa na le motho, ha ho sa na moahi.


“Tswang! Tswang! Balehang naheng e ka leboya,” ho rialo Morena, “hobane ke ne ke le qhalanyeditse diqoleng tse nne tsa lefatshe,” ho rialo Morena.


Morena wa mabotho a boela a bua ho nna, a re:


Ke moo Morena a tla hlaha, a ba okamele, motsu wa hae o tsekeme sa lehadima. Morena Modimo o tla letsa lenaka, a tsamaye kahara difefo tsa borwa.


Ditholwana tsa naha ya heno, le matla wohle a hao, tsena di tla jewa ke setjhaba seo o sa se tsebeng, empa wena o tla hatellwa, o robokelwe kamehla.


“Morena o tla o tlisetsa setjhaba se tswang hole, pheletsong ya lefatshe, se etla jwaloka ntsu ha e fofa; setjhaba seo o sa tsebeng puo ya sona;


Morena o tla le qhalakanya hara ditjhaba tsohle, ho tloha pheletsong e nngwe ya lefatshe, ho isa pheletsong e nngwe ya lefatshe, mme hona moo le tla sebeletsa medimo e meng, eo lona le bo-ntata lona le sa kang la e tseba, e leng ya lehong le ya lejwe.


Morena o tla le qhalanya hara ditjhaba, mme palo ya lona e tla fokola hara ditjhaba tseo Morena a tla le isa ho tsona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos