Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Sakaria 14:8 - BIBELE

8 Mohla tsatsi leo, metsi a bophelo a tla phalla a etswa Jerusalema, halofo ya wona e phallele lewatleng le ka botjhabela, halofo e nngwe yona e phallele lewatleng le ka bophirimela. Ho tla ba jwalo hlabula le mariha.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Ka tsatsi leo, metsi a kollang a tla tswa Jerusalema, karolo e nngwe ya wona e phallele lewatleng la Botjhabela, e nngwe e phallele lewatleng la Bophirimela; ho nne ho be jwalo lehlabula le mariha.

Ver Capítulo Copiar




Sakaria 14:8
18 Referencias Cruzadas  

O mohlodi o nwesetsang serapa, o diba sa metsi a kollang, a phallang a etswa kwana Lebanone.


Hlabathe le tjhesang le tla fetoha letsha, diba di kopotse mobung o ommeng. Moo e ne le dilao tsa diphokojwe ho tla mela jwang, le lehlaka, le lodi.


Ha ba ka ke ba lapa kapa ba nyorwa, kapa ba tjheswa ke motjheso wa tsatsi la lehwatata. Ya ba utlwelang bohloko o tla ba tataisa, a ba ise pela didiba tse kollang.


Morena o tla o tataisa kamehla, a o fe tseo o di hlokang leha naha e omeletse, a matlafatse ditho tsa mmele wa hao. O tla tshwana le serapa se nwesetswang hantle, o ke sediba seo mohlodi wa sona o sa psheng.


“Ke tla leleka lebotho le tswang leboya, ke le lelekele naheng e ommeng, naha ya matswatlare, sehlooho sa lona se lebe watleng le ka botjhabela, serao se lebe watleng le ka bophirima. Ditopo tsa lona di tla nkga, di nkge di re phu! Seputa sa tsona se etse sehou, hobane lebotho leo le entse tse kgolo.”


“Mohla tsatsi leo, thaba di tla rothisa veine, maralla wona a kopotse lebese; melatswana yohle ya Juda e phalle metsi. Sediba se tla kolla ka Tempeleng ya Morena, se kolle, se nwesetse Kgohlo ya Shitime.


Matjhabatjhaba a tla fihla, a re: “Tloong, re nyoloheleng thabeng ya Morena, re nyoloheleng Tempeleng ya Modimo wa Jakobo. O tla re ruta ditaba tsa hae, re tle re tsamaye tseleng tsa hae;” kaha molao o tla tswa, o tswe thabeng ya Sione, ntswe la Morena le tswe Jerusalema.


Mohla tsatsi leo, Morena o tla ema Thabeng ya Mehlwaare, e ka botjhabela ho Jerusalema. Thaba ya Mehlwaare e tla petsoha ka lehare, ho tloha botjhabela ho isa bophirimela, ho hlahe kgohlo e tebileng; karolo e nngwe ya thaba e tla ya leboya, e nngwe yona e ye borwa.


le hore ka lebitso la hae, ditjhaba tsohle di phatlalletswe pako le tshwarelo ya dibe, ho qala Jerusalema.


Jesu a mo araba, a re: “Hoja o tsebile mpho ya Modimo, le hore na ke mang ya reng ho wena: ‘Ako mphe, ke nwe,’ wena, o ka be o mo kopile, mme a ka be a o file metsi a kollang.”


athe mang le mang ya nwang metsi ao ke tla mo fa wona, a ke ke a hlola a nyorwa le ka mohla, empa metsi ao ke tla mo fa wona a tla fetoha ka ho yena sediba sa metsi a kopoletsang bophelong bo sa feleng.”


hobane ka nako tse ding lengeloi la Morena le ne le ye le theohele letshaneng, le fuduhe metsi, mme ya kenang pele kamora ho fuduhuwa ha metsi, o ne a fodiswa bohlokong bofe le bofe boo a ka bang le bona.


Ya dumelang ho nna, jwalokaha Mangolo a boletse, dinoka tsa metsi a kollang di tla phalla di etswa ka ho yena.”


Moya le monyaduwa ba re: “Tloo.” Ya utlwang le yena a ke a re: “Tloo.” Ya nyorilweng a ke a tle; ya ratang a ke a nwe metsi a bophelo, a fanwang feela.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos