Sakaria 14:10 - BIBELE10 Naha yohle e tla ba lehwatata ho tloha Geba ho ya fihla Rimone, ka borwa ho Jerusalema. Empa Jerusalema e tla phahamiswa, e nne e be tulong tsa yona, e leng ho tloha Kgorong ya Benjamine ho ya fihla Kgorong ya Pele, le ho ya Kgorong ya Sekgutlo; le ho tloha Toreng ya Hananele ho ya fihla ditlhotlelong tsa veine tsa kgosi. Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)10 Lefatshe lohle, ho tloha Geba ho isa Rimmone, e leng ka nqa borwa ho Jerusalema, le tla fetoha, le be jwaloka lehwatata; Jerusalema o tla phahama, a dule setsheng sa hae, ho tloha monyakong wa Banjamine, ho isa sebakeng sa monyako wa Pele le monyakong wa Ntlha, le ho tloha toreng ya Hananeele ho isa dihatelong tsa veine tseo e leng tsa morena. Ver Capítulo |
Moo Bete-Shemeshe, Jehowashe, kgosi ya Iseraele, a thopa Amasiya, kgosi ya Juda, setloholo sa Jehowakase, mora wa Jowashe. A mo isa Jerusalema, a fihla a heletsa lerako la Jerusalema, ho tloha Kgorong ya Efraime, ho ya fihla Kgorong e Hukung. E ne e le sebaka se ka bang dimethara tse makgolo a mabedi.