Sakaria 1:17 - BIBELE17 “Howeletsa hape, o re: Morena wa mabotho o bua tjena: ‘Metse ya ka e tla boela e eba le nala, Morena a tshedise Sione hape, a boele a ikgethele Jerusalema.’ ” Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)17 O boele o phahamise lentswe, o re: Ho itswe ke Jehova wa makgotla: Metse ya ka e sa tla tlala menono, e be e kgaphatsehe; Jehova o sa tla tshedisa Sione, o sa tla ikgethela Jerusalema. Ver Capítulo |
Lebitso la motse ona le tla nthabisa, e be thoriso le tlotla ho ditjhaba tsohle tsa lefatshe, tse tlang ho utlwela tsohle tse molemo, tseo ke di etseditseng motse ona. Ditjhaba tseo di tla tshaba, di thothomele ka baka la tsohle tse molemo, le ka baka la nala yohle, e leng tseo ke di etseditseng motse ona.