Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Obadia 1:5 - BIBELE

5 “Ha mashodu a ka o futuhela bosiu, dinokwane tsa o nanarela bosiu, leha tshenyehelo ya hao e tla ba kgolo, na a ke ke a utswa feela tseo a di hlokang? Ha bakotudi ba morara ba o kotulela, na ba ke ke ba siya makgwahlapiso?

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 O senyeditswe hakakang! Hoja ke mashodu a keneng ha hao, hoja ke dinokwane, ha ke re, ba ka be ba utswitse tse ba lekanang feela? Hojane ba kotulang merara ba kene ha hao, ha ke re, ba ka be ba siile dikgwahlapiso?

Ver Capítulo Copiar




Obadia 1:5
13 Referencias Cruzadas  

“Kgabane ya hao, wena Iseraele, e bolaetswe hodima thaba tsa hao; bona kamoo dinatla di weleng kateng!


“O theohile hakaakang lehodimong, wena Mphatlalatsane, naledi ya meso! O dihetswe lefatsheng, wena ya kileng a kokobetsa ditjhaba!”


Empa tholwana tse ding tsona di tla sala, jwalokaha ho hlohlorwa sefate sa mohlwaare, ho salang tse pedi kapa tse tharo makaleng a hodimo, ho sale tse nne kapa tse hlano makaleng a behang,” ho rialo Morena, Modimo wa Iseraele.


Ho tla ba jwalo lefatsheng, hara ditjhaba, ho be jwaloka fate sa mohlwaare ha se hlohlorwa, ho kgwahlapiswa morara o setseng ha ho kotulwa.


Haeba bakotudi ba morara ba ka tla ho lona, na ba ke ke ba siya makgwahlapiso? Haeba mashodu a ka fihla e le bosiu, na a ke ke a utswa a itekanyetsa?


Bonang kamoo noto ya lefatshe lohle e pshatlehileng maqhetswana kateng! Kamoo Babilona e fetohileng nanaola kateng, ya fetoha nanaola hara baditjhaba!


Morena wa mabotho o bua tjena: “Tjhaba sa Iseraele se tla fediswa ho hang, se tshwane le tshimo ya morara e kgwahlapisitswe.


Motse o neng o diila batho kahohle, kajeno o bodutu hakaakang! O ne o le moholo hara ditjhaba, kajeno o fetohile mohlolohadi! E ne e le mofumahadi hara ditjhaba kajeno o fetohile lekgabunyane!


Wena Temana, bahlabani ba hao ba tla thothomela, bohle ba bolawe, ba bolaelwe thabeng ya Esau.


Ke madimabe hakaakang! Ke ka motho ya reng o kgola tholwana, ya reng o kgola tsa hlabula athe ha di yo. Ke ka rapa sa morara se kgwahlapisitswe; ha ho lesihla la morara le ka jewang, ha ho feiye ya pele eo nka e lakatsang.


Ke wona motse wane o motlehadi, o neng o ituletse ka kgotso, o neng o ikgohomosa ka ho re: “Ke nna feela, ha ho na e mong.” O fetohile lesupi le lekaakang! O fetohile letsaba la dibatana! Bo-mofeta-ka-tsela ba a o makalla, ba letsa molodi, ba opa diatla!


“Ha o ekga morara serapeng sa hao sa morara, o se ke wa boela wa kgwahlapisa. O setseng e tla ba wa mojaki, kapa wa kgutsana, kapa wa mohlolohadi.


Di tla ema hole, ka baka la ho tshaba tlhokofatso ya yona, di re: “ ‘O madimabe! O madimabe! Wena Babilona, motse o moholo, motse o matla! Kahlolo ya hao e phethahaditswe ka nako ya hora feela!’


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos